BIBELE e Halalelang

2 Samuele 2:30-32 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

30. Joabe yena a kgutla ho phallela Abnere, mme a phutha batho ba hae kaofela; ho bahlanka ba Davida ha hlokahala banna ba leshome le metso e robileng mono o le mong, le Asaele.

31. Bahlanka ba Davida bona ba ne ba bolaile ba makgolo a mararo a nang le mashome a tsheletseng ho Babenjamine le ho banna ba Abnere, e le ba shwetseng ruri.

32. Ba lata setopo sa Asaele, ba se epela lebitleng la ntatae, Bethlehema. Yaba Joabe le banna ba hae ba tsamaya bosiu bohle; ha bo esa, ba fihla Hebrone.