BIBELE e Halalelang

2 Samuele 2:13-31 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

13. Le Joabe, mora Tseruja, ba ena le bahlanka ba Davida, ba tswa, ba ya teana le bona letsheng la Gibeone; bana ba ema ka kwano ho letsha, bao ba ema ka nqane ho letsha.

14. Yaba Abnere o re ho Joabe: Bahlankana a ba ke ba eme, ba bapale pela rona. Joabe a re: Ba ka ema.

15. Ebile ba ema, ba tswela kahare, ba le palo tse lekanang, ba Ishe-Boshethe, mora Saule, e le Babenjamine ba leshome le metso e mmedi; bahlanka ba Davida le bona ba le leshome le metso e mmedi.

16. E mong le e mong a tshwara ka hlooho ya emeng maloka le yena, a mo hlaba ka sabole lehlakoreng, ba wa hammoho; ka baka leo, bitso la teng la rewa Helkathe-Hatsurime (tshimo ya disabole); e pela Gibeone.

17. Tsatsing lona leo, ha lwanwa ntwa e tshabehang haholo; mme Abnere le banna ba Iseraele ba qhalwa ke bahlanka ba Davida.

18. Bara ba bararo ba Tseruja, Joabe le Abishai le Asaele ba ne ba le teng; Asaele o ne a le bobebe maotong jwaloka tshephe ya naha.

19. Asaele eo a phallela Abnere, a se ke a kgelohela ho le letona, leha e le ho le letshehadi, ha a ntse a phalletse Abnere.

20. Abnere ha a hetla kamorao, a re: Na ke wena Asaele? Eo a re: Ke nna enwa.

21. Abnere a re ho yena: Kgelohela ho le letona, leha e le ho le letshehadi, o tshware e mong wa bahlankana, mme o inkele dibetsa tsa hae. Asaele a mpa a hana ho mo kgeloha.

22. Abnere a boela a re ho Asaele: Kgeloha, o se ke wa hlola o mphallela; o ratelang ha ke o bolaya? Ke tla tadimana jwang le ngwaneno Joabe?

23. A mpa a hana ho sokoloha. Yaba Abnere o mo hlaba mpeng, a furaladitse lerumo, lerumo la ba la ya tswela kamorao. A wa, mme a shwela hona teng. Yaba bohle ba fihlang pela moo Asaele a weleng le ho shwela teng, ba ema.

24. Leha ho le jwalo, Joabe le Abishai ba nna ba phallela Abnere; letsatsi la ba dikella ha ba fihla leralleng la Amma, le mabapa le Gia, pela tsela ya lefeella la Gibeone.

25. Yaba bana ba Benjamine ba phutheha ho Abnere, ba etsa sera, ba ema qhoweng ya leralla le leng.

26. Ebile Abnere o howeletsa Joabe, a re: Na lerumo le tla nne le je ka ho sa feleng na? Na ha o tsebe hobane qetellong ho tla baba na? Ke neng o tla bolella batho ba hao hore ba lese ho phallela banababo bona?

27. Joabe a re: Ka Modimo o utlwang, hojane o sa ka wa bua jwalo, e mong le e mong wa batho ba ka o ba a ke ke a lesa ho phallela ngwanabo ho fihlela hosasa!

28. Yaba Joabe o letsa terompeta, mme batho bohle ba hae ba ema, ba se ke ba hlola ba phallela Baiseraele, leha e le ho lwana.

29. Abnere le banna ba hae ba ya le lehwatata bosiu bohle, ba tshela Jordane, ba ba ba qeta le naha yohle ya Bithrone, ba ba ba fihla Mahanaime.

30. Joabe yena a kgutla ho phallela Abnere, mme a phutha batho ba hae kaofela; ho bahlanka ba Davida ha hlokahala banna ba leshome le metso e robileng mono o le mong, le Asaele.

31. Bahlanka ba Davida bona ba ne ba bolaile ba makgolo a mararo a nang le mashome a tsheletseng ho Babenjamine le ho banna ba Abnere, e le ba shwetseng ruri.