BIBELE e Halalelang

2 Samuele 2:13-20 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

13. Le Joabe, mora Tseruja, ba ena le bahlanka ba Davida, ba tswa, ba ya teana le bona letsheng la Gibeone; bana ba ema ka kwano ho letsha, bao ba ema ka nqane ho letsha.

14. Yaba Abnere o re ho Joabe: Bahlankana a ba ke ba eme, ba bapale pela rona. Joabe a re: Ba ka ema.

15. Ebile ba ema, ba tswela kahare, ba le palo tse lekanang, ba Ishe-Boshethe, mora Saule, e le Babenjamine ba leshome le metso e mmedi; bahlanka ba Davida le bona ba le leshome le metso e mmedi.

16. E mong le e mong a tshwara ka hlooho ya emeng maloka le yena, a mo hlaba ka sabole lehlakoreng, ba wa hammoho; ka baka leo, bitso la teng la rewa Helkathe-Hatsurime (tshimo ya disabole); e pela Gibeone.

17. Tsatsing lona leo, ha lwanwa ntwa e tshabehang haholo; mme Abnere le banna ba Iseraele ba qhalwa ke bahlanka ba Davida.

18. Bara ba bararo ba Tseruja, Joabe le Abishai le Asaele ba ne ba le teng; Asaele o ne a le bobebe maotong jwaloka tshephe ya naha.

19. Asaele eo a phallela Abnere, a se ke a kgelohela ho le letona, leha e le ho le letshehadi, ha a ntse a phalletse Abnere.

20. Abnere ha a hetla kamorao, a re: Na ke wena Asaele? Eo a re: Ke nna enwa.