BIBELE e Halalelang

2 Samuele 2:1-10 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Kamora tseo, Davida a botsa Jehova, a re: Na ke tla ya ho o mong wa metse ya Juda na? Jehova a re ho yena: Eya. Davida a re: Ke tla ya ho ofe? Jehova a re: Eya Hebrone.

2. Kahoo, Davida a ya teng, a ena le basadi ba hae ba babedi, e le Akinohame wa Jisreele, le Abigaile, mosadi wa Nabale, wa Karmele.

3. Davida a ya le banna ba hae, e mong le e mong a ena le ba ntlo ya hae, mme ba dula metseng ya Hebrone.

4. Ebile banna ba Juda ba tla teng, ba tlotsa Davida, ba mmea morena wa ntlo ya Juda.Ha tsebiswa Davida, ha thwe: Banna ba Jabeshe-Gileade ke bona ba epetseng Saule.

5. Yaba Davida o romela manqosa ho banna ba Jabeshe-Gileade, a re: Le ke le hlohonolofatswe ke Jehova, kahobane le etseditse Saule, morena wa lona, molemo, le bile le mo epetse.

6. Jehova a le etse jwalo ka mohau le ka nnete; le nna ke tla le etsetsa molemo, kahobane le entse hoo.

7. Jwale, tiisang matsoho a lona, le etse ka senna; hobane haele Saule, morena wa lona, o timetse, mme nna ba ntlo ya Juda ba ntlotsitse hore ke be morena wa bona.

8. Empa Abnere, mora Nere, molaodi wa makgotla a Saule, a nka Ishe-Boshethe, mora Saule, a mo tshedisetsa Mahanaime.

9. Teng, a mmea morena wa Gileade, le wa Bageshure le wa Jisreele, le wa Efraime, le wa Benjamine, le wa Baiseraele bohle.

10. Ishe-Boshethe, mora Saule, o ne a le dilemo tse mashome a mane ha a qala ho busa Israele, mme a busa ka lemo tse pedi. Ke ba ntlo ya Juda feela ba kileng ba latela Davida.