BIBELE e Halalelang

2 Samuele 19:37-43 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

37. Mohlanka wa hao a mpe a kgutle, ke ye ke shwe motseng wa ka haufi le lebitla la ntate le la mme; bona, mohlanka wa hao Kimhame ke enwa, o tla tshela le morena, monga ka; o ke o mo etsetse seo o ka se ratang.

38. Morena a re: Kimhame re ke re tshele le yena, ke mo etsetse seo o se ratang; le wena ke tla o etsetsa eng le eng eo o ka e lakatsang.

39. Jwale, setjhaba sohle sa tshela Jordane, le yena morena a tshela, a ntoo aka Barsillai, a mo hlohonolofatsa, Barsillai a ba a ipoella ha hae.

40. Haele morena, a fetela Gilgale, le Kimhame a fetela pele le yena. Setjhaba kaofela sa Juda sa tshedisa morena, se ena le sekoto se seng sa setjhaba sa Iseraele.

41. Jwale, banna bohle ba Iseraele ba tla ho morena, ba re ho morena: Na banna ba Juda, bao e leng banababo rona, ba o utsweditseng ho rona, ba bile ba tshedisitse morena le ba ntlo ya hae, le banna bohle ba Davida Jordane?

42. Banna bohle ba Juda ba fetola banna ba Iseraele, ba re: Ke kahobane morena o haufi haholo le rona ka ho tswalwa; le halefetseng ka taba ena na? Na le ho ja, re jele tsa morena, kapa na o re neile dimpho na?

43. Banna ba Iseraele ba fetola banna ba Juda, ba re: Re na le dikarolo tse leshome ho morena, hape, Davida ke wa rona haholo ho lona; le re nyediseditseng hakalo, ha le sa ka la qala ka ho buisana le rona tabeng ya ho lata morena? Mme puo tsa banna ba Juda tsa eba thata ho feta tsa banna ba Iseraele.