BIBELE e Halalelang

2 Samuele 19:27-38 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

27. O bile o etselleditse mohlanka wa hao ho morena, monga ka, empa morena, mong a ka, o jwaloka lengeloi la Modimo; etsa kamoo ho leng molemo kateng, mahlong a hao.

28. Hobane bohle ba ntlo ya ntate e be e se e le batho ba lokelang ho shwa pela morena, monga ka; leha ho le jwalo, o kile wa bea mohlanka wa hao hara ba jang tafoleng ya hao. Ke sa na le tokelo efe? Nka howeletsa ka taba efe ho morena?

29. Morena a re ho yena: O sa bua taba dife tsa hao? Ke re, wena le Tsiba, le arolelane masimo.

30. Mefiboshethe a re ho morena: A nke hohle, haele moo morena, monga ka, a kgutletse hae ka kgotso.

31. Le Barsillai wa Gileade a tloha Roglime, a fihla, a tshela Jordane hammoho le morena, hore a mo tshedise Jordane.

32. Barsillai e be e se e le motho e moholo, ya dilemo tse mashome a robileng meno e le mmedi; o ne a babaletse morena ka dijo, ha a sa le Mahanaime, etswe e be e le motho ya ruileng haholo.

33. Ebile morena o re ho Barsillai: A re ke re fetele pele le wena, ke tle ke o fepe le nna Jerusalema.

34. Barsillai a araba morena, a re: Tshiu tsa ho phela ha ka di sa le kae, ha o re, ke ye Jerusalema le morena?

35. Kajeno, ke na le dilemo tse mashome a robileng meno e le mmedi; nka tseba jwang ho kgetha se monate ho se babang na? Ana mohlanka wa hao o sa tseba ho utlwa seo ke se jang, leha e le seo ke se nwang na? Na ke sa tseba ho utlwa mantswe a dibini tsa banna le tsa basadi na? Na mohlanka wa hao a ka nna a iketsa phahlo ho morena, monga ka, na?

36. Mohlanka wa hao a ka mpa a tshela Jordane feela le morena, hobane ke haele hofe hoo morena a ka mputsetsang hona ka moputso o kalo na?

37. Mohlanka wa hao a mpe a kgutle, ke ye ke shwe motseng wa ka haufi le lebitla la ntate le la mme; bona, mohlanka wa hao Kimhame ke enwa, o tla tshela le morena, monga ka; o ke o mo etsetse seo o ka se ratang.

38. Morena a re: Kimhame re ke re tshele le yena, ke mo etsetse seo o se ratang; le wena ke tla o etsetsa eng le eng eo o ka e lakatsang.