BIBELE e Halalelang

2 Samuele 19:20-35 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

20. hobane, ke le mohlanka wa hao, ke tseba hobane ke sitilwe; ke ka baka leo ke fihlileng kajeno ke le wa ho qala ho bohle ba ntlo ya Josefa, ho kgahlanyetsa morena, monga ka.

21. Empa Abishai, mora Tseruja, a re: Ha ke re, Shimei, o loketse ho shwa, hobane o kile a rohaka motlotsuwa wa Jehova na?

22. Davida a re: Ke na le taba efe le lona, bara ba Tseruja, hore le ipee ba nkganyetsang kajeno lena na? Ana kajeno ho ka bolawa motho Iseraeleng na? Ha ke re, ke tsebile kajeno hobane ke nna morena wa Iseraele na?

23. Ebile morena o re ho Shimei: Ha o ka ke wa shwa. Mme morena a mo hlapanyetsa jwalo.

24. Mefiboshethe, mora Saule, le yena a tla kgahlanyetsa morena: o ne a sa ka a itlhatswa maoto, leha e le ho lokisa ditedu tsa hae, leha e le ho hlatswa diaparo tsa hae haesale morena a tloha, ho fihlela a ba a kgutla ka kgotso.

25. Yare ha a kgahlanyetsa morena, a sa tswa Jerusalema, morena a re ho yena: Ha o a ka wa tsamaya keng le nna, Mefiboshethe?

26. A re: Morena, monga ka, mohlanka wa ka o nthetsitse; athe, ke le mohlanka wa hao, ke na be ke laetse hore ke qhanehelwe esele, ke tle ke e palame, ke ye le morena; o a tseba, mohlanka wa hao o holofetse maoto.

27. O bile o etselleditse mohlanka wa hao ho morena, monga ka, empa morena, mong a ka, o jwaloka lengeloi la Modimo; etsa kamoo ho leng molemo kateng, mahlong a hao.

28. Hobane bohle ba ntlo ya ntate e be e se e le batho ba lokelang ho shwa pela morena, monga ka; leha ho le jwalo, o kile wa bea mohlanka wa hao hara ba jang tafoleng ya hao. Ke sa na le tokelo efe? Nka howeletsa ka taba efe ho morena?

29. Morena a re ho yena: O sa bua taba dife tsa hao? Ke re, wena le Tsiba, le arolelane masimo.

30. Mefiboshethe a re ho morena: A nke hohle, haele moo morena, monga ka, a kgutletse hae ka kgotso.

31. Le Barsillai wa Gileade a tloha Roglime, a fihla, a tshela Jordane hammoho le morena, hore a mo tshedise Jordane.

32. Barsillai e be e se e le motho e moholo, ya dilemo tse mashome a robileng meno e le mmedi; o ne a babaletse morena ka dijo, ha a sa le Mahanaime, etswe e be e le motho ya ruileng haholo.

33. Ebile morena o re ho Barsillai: A re ke re fetele pele le wena, ke tle ke o fepe le nna Jerusalema.

34. Barsillai a araba morena, a re: Tshiu tsa ho phela ha ka di sa le kae, ha o re, ke ye Jerusalema le morena?

35. Kajeno, ke na le dilemo tse mashome a robileng meno e le mmedi; nka tseba jwang ho kgetha se monate ho se babang na? Ana mohlanka wa hao o sa tseba ho utlwa seo ke se jang, leha e le seo ke se nwang na? Na ke sa tseba ho utlwa mantswe a dibini tsa banna le tsa basadi na? Na mohlanka wa hao a ka nna a iketsa phahlo ho morena, monga ka, na?