BIBELE e Halalelang

2 Samuele 19:1-19 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Yaba Joabe o a tsebiswa, ha thwe: Bona, morena o a lla, o llela Absalome.

2. Kahoo ho hlola ha tsatsi leo ha fetohela setjhaba sohle bofifi, hobane setjhaba se ne se utlwa tsatsing leo, ha ho thwe, morena o hlomohetse mora hae;

3. setjhaba sa kgukgunela motseng tsatsing leo, ka mokgwa oo batho bao e kang ba dihlong ba kgukgunelang teng ha ba balehile ntweng.

4. Haele morena, o ne a ikgurumeditse sefahleho, a ntse a meketsa ka lentswe le leholo, a re: Mora ka Absalome! Absalome, mora ka! mora ka!

5. Yaba Joabe o ya ho morena tlung, a re: Kajeno o hlabisitse difahleho tsa bahlanka ba hao bohle dihlong, athe ba pholositse ho phela ha hao kajeno, le ho phela ha bara ba hao, le ho phela ha baradi ba hao, le ho phela ha basadi ba hao, le ho phela ha direthe tsa hao.

6. O rata ba o hloileng, o hloile ba o ratang, etswe kajeno o bontshitse hobane ha o re letho ka balaodi le ka bahlanka ba hao; ke lemoha kajeno hobane, le hojane Absalome a pholohile, rona bohle re mpa re shwele kajeno, ho ka be ho lokile mahlong a hao.

7. Ema jwale, o tswe, o bue hantle le bahlanka ba hao; hobane ke hlapanya ka Jehova, ke re, ha o sa tswe, ho ke ke ha sala motho le a mong le wena bosiung bona boo, mme kotsi ena e tla fetisa dikotsi tsohle tse o hlahetseng haesale le botjheng ba hao, le ho tlisa nakong ya jwale.

8. Ebile morena o tsoha, a ya dula kgorong, mme setjhaba sohle sa itlisa teng pela morena.Haele Baiseraele, ba ne ba balehetse e mong le e mong hae tenteng ya hae.

9. Jwale, setjhaba sohle, melokong yohle ya Iseraele, se ne se tsekisana, se re: Morena o re namoletse matsohong a dira tsa rona, o bile o re pholositse ho Bafilesta, athe jwale o balehile lefatsheng ka baka la Absalome.

10. Haele Absalome eo re neng re itlotseditse yena, o shwele ntweng; ha le bolele keng lentswe la hore ho boele ho latwe morena?

11. Morena Davida a romela ho baprista Tsadoke le Abiathare, a re: Buang le baholo ba Juda, le re: Le diehetseng ho kgutlisetsa morena tlung ya hae, athe polelo tsa Baiseraele bohle di se di fihlile ho morena moo a leng teng?

12. Ke lona le leng banabeso, le masapo a ka, le nama ya ka; le diehetseng ho lata morena?

13. Le ho Amasa le re: Na ha o masapo a ka le nama ya ka na? Modimo o nketse ka hore le ka hore, ha o sa bewe molaodi wa makgotla a ka kamehla, tulong tsa Joabe.

14. A sekamisa jwalo pelo tsa banna bohle ba Juda, jwaloka hoja ke motho a le mong. Ba romela ke hona ho morena, ba re: Kgutla, wena le bahlanka ba hao bohle.

15. Ha ho le jwalo, morena a kgutla, a ba a fihla Jordane; le Bajuda ba fihla Gilgale, ho tla kgahlanyetsa morena le ho mo tshedisa Jordane.

16. Shimei, mora Gera, Mobenjamine wa Bahurime, a phakisa a ya le batho ba Juda ho kgahlanyetsa morena Davida.

17. O ne a na le sekete se seng sa banna ba Benjamine, hammoho le Tsiba, mohlanka wa ntlo ya Saule, le bara ba hae ba leshome le metso e mehlano, le bahlanka ba hae ba mashome a mabedi. Ba tla ba tshela Jordane, pontsheng ho morena.

18. Ba tshedisa le sekepana sa ho tshedisa ba ntlo ya morena, le ho etsa kahohle kamoo a ka ratang kateng. Haele Shimei, mora Gera, eitse hobane morena a tshele Jordane, a itihela fatshe pela morena,

19. a re ho morena: Oho monghadi, o se ke wa mpea molato, le ho hopola o se ke wa hopola kamoo mohlanka wa hao a kileng a o sitelwa kateng, mohla morena, monga ka, a neng a tlohile Jerusalema; morena a se ke a elellwa taba eo pelong ya hae;