BIBELE e Halalelang

2 Samuele 18:29-33 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

29. Morena a re: Na mohlankana Absalome o sa pholohile na? Akimaatse a re: Ke bone moferefere o moholo, ha Joabe a roma mohlanka e mong wa morena, a nthoma le nna ke leng mohlanka wa hao, ke mpa ke sa ka ka tseba hore na ke wang?

30. Morena a re: Sutha, o eme mono. Mme a sutha, a emela thoko.

31. Ha fihla Kushi. Kushi a re: Morena, monga ka, a thabele taba tseo ke tlang le tsona; efela kajeno lena, Jehova o o pheteleditse ho ba o kwenehetseng.

32. Morena a re ho Kushi: Ana mohlankana Absalome o sa pholohile na? Kushi a re: Dira tsa morena, monga ka, le bohle ba o kwenehelang hore ba tla ba o hlahisetse bobe, ba be jwaloka mohlankana eo.

33. Ebile morena o hlokofala haholo, a hlwella phaposing e hodima monyako, a lla, a nna a tsamaya teng, a ntse a re: Mora ka Absalome! mora ka! mora ka Absalome! Hojane ho shwele nna bakeng sa hao, Absalome! mora ka! mora ka!