BIBELE e Halalelang

2 Samuele 18:11-22 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

11. Joabe a fetola monna ya mo tsebisang, a re: Mme ha o mmone, ha o a ka wa mmolaya keng hona moo? Nka be ke o neile dishekele tsa silefera tse leshome le senyepa.

12. Monna eo a re ho Joabe: Le hojane nka newa dishekele tse sekete matsohong a ka, ke be nke ke ka isa letsoho la ka ho ngwana morena, etswe morena a o laetse, wena le Abishai le Ittai, re ntse re utlwa, a re: Bonang hore ho se be motho ya amang mohlankana Absalome.

13. Le hojane ka etsa ke pata, haele mona ho se taba e ka patelwang morena, le wena o ka be o mpoletse.

14. Joabe a re: Ha ke na ho dieha hakalo ka baka la hao. Yaba o nka marumo a mararo letsohong la hae, a hlaba Absalome pelong ka wona, Absalome a ntse a le hara sefate sa terebinte, a sa utlwa.

15. Bahlankana ba leshome, mahlahana a Joabe, ba teela Absalome hare, ba mo hlaba, ba mmolaisa.

16. Ebile Joabe o letsa terompeta, mme setjhaba sa lesela ho phallela Baiseraele; hobane Joabe a thibela setjhaba.

17. Ba nka Absalome, ba mo lahlela sekoting se seholo morung, mme ba mo qhobela ka qubu e kgolo haholo ya majwe. Haele Baiseraele bohle, ba balehela e mong le e mong hae tenteng ya hae.

18. Absalome, ha a sa phela, o ne a nkile seemahale, a itlhometse sona sekgutlong sa morena ka ho re: Ha ke na mora ya tla hopotsa batho lebitso la ka. Le kajeno lena, se ntse se bitswa seemahale sa Absalome.

19. Yaba Akimaatse, mora Tsadoke, o re: A nke ke mathe, ke isetse morena taba e molemo ya hore Jehova o mo pheteleditse ho dira tsa hae.

20. Joabe a re ho yena: Ho ke ke ha ya wena kajeno; o tla isa ditaba ka tsatsi le leng, empa kajeno lena, o ke ke wa isa ditaba, ka baka la hobane ngwana morena o timetse.

21. Yaba Joabe o re ho Kushi: Eya behela morena seo o se boneng. Kushi a inama pela Joabe, a ntoo matha.

22. Akimaatse, mora Tsadoke, a boela a re ho Joabe: Leha ho ka ba jwang le jwang, a nke ke mathe le nna kamora Kushi. Joabe a re: O pheheletseng ho matha, mora ka, athe taba eo o e isang hase e ka o fumantshang teboho?