BIBELE e Halalelang

2 Samuele 18:1-4 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Yaba Davida o bala setjhaba seo a nang le sona, a se beela balaodi ba dikete le balaodi ba makgolo.

2. Karolo ya boraro ya setjhaba, Davida a e laola le Joabe; karolo e nngwe ya boraro le Abishai mora Tseruja, ngwanabo Joabe; le karolo e nngwe ya boraro le Ittai wa Gathe. Morena a ba a re ho setjhaba: Le nna ke tla ya le lona.

3. Setjhaba sa re: Tjhe, o ke ke wa ya; hobane leha re baleha, ba ke ke ba re letho ka rona; leha halofo ya rona re ka shwa, le teng ba ke ke ba re letho ka rona; athe wena o ka leshome la dikete tsa rona; ho ka ba hotle jwale, leha o ka re tlatsa o etswa motseng.

4. Morena a re ho bona: Ke tla etsa se leng setle mahlong a lona. Yaba morena o ya ema pela kgoro ya motse, mme setjhaba kaofela sa tswa ka makgolo le ka dikete.