BIBELE e Halalelang

2 Samuele 17:7-20 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

7. Hushai a re ho Absalome: Keletso eo Akitofele a eleditseng ka yona nakong ena, ha e ntle.

8. Hushai a eketsa a re: O tseba ntatao le banna ba hae, hobane ke bahale ba pelo di babang, jwaloka bere e amohilweng madinyane a yona naheng; hape, ntatao ke monna wa ntwa, a ke ke a robala le sera.

9. Ekaba le jwale o ipatile sekoting se seng, kapa kahosele; leha ba bang ho ba kwano ba ka wa, ntwa e sa qala, ya eba taba e utlwahalang, ya utlwang o tla re: Kotsi e hlahetse setjhaba se latelang Absalome.

10. Ha ho le jwalo, esita le eo e leng senatla, eo pelo ya hae e kang pelo ya tau, o tla fokola haholo, etswe Baiseraele bohle ba tseba hobane ntatao ke mohale, le hobane banna bao a nang le bona ba matla ntweng.

11. Ke eletsa ke hona, ke re: Baiseraele bohle ba ke ba phuthelwe ho wena, ho tloha Dane le ho ya fihla Beerseba, ba be ka ka lehlabathe le lebopong la lewatle, mme le wena o futuhe ka sebele sa hao.

12. Jwale re tla mo fihlela hohle moo a ka fumanwang teng, re mo wele ka sehloho, jwoloka phoka ha e wela fatshe, ho tle ho se ke ha phonyoha motho, leha e le yena, leha e le e mong wa banna bohle ba nang le yena.

13. Leha a itshabela motseng o mong, Baiseraele bohle ba tla tlisa marapo motseng oo, re o hulele nokeng, ho fihlela ho sa fumanwe lejwe la teng leha le le leng.

14. Yaba Absalome le Baiseraele bohle, ba re: Keletso ya Hushai Moarke e ntle haholo ho fetisa keletso ya Akitofele. Athe ke Jehova ya neng a laetse hore ho senngwe keletso e ntle ya Akitofele, e le hore Jehova a hlahisetse Absalome kotsi.

15. Yaba Hushai o re ho baprista Tsadoke le Abiathare: Akitofele o eleditse Absalome le baholo ba Iseraele ka keletso e itseng, nna ke ba eleditse ka keletso e itseng.

16. Jwale, romelang kapele, le tsebise Davida, hore a se ke a robala bosiu bona nahathothe, a mpe a tshelele mose wane, esere mohlomong morena le setjhaba sohle se leng ho yena ba timetswa.

17. Haele Jonathane le Akimaatse, ba ne ba eme Ene-Rogele. Morwetsana a ya, a ba bolella hore ba ye, ba tsebise morena Davida. Hobane ba ne ba tshaba ho bonwa ha ba kena motseng.

18. Empa mohlankana e mong a ba bona, a tsebisa Absalome. Leha ho le jwalo, ba tsamaya ba babedi, ba potlaka, ba fihla Bahurime ha monna e mong, ya nang le sediba se sekoti lebaleng la hae, ba theohela teng.

19. Mosadi wa hae a nka lesela, a le ala hodima sediba se sekoti, a aneha koro e tutsweng teng, hore ho se ke ha bonahala letho.

20. Bahlanka ba Absalome ba fihla ha mosadi eo, ba re: Ba kae boAkimaatse le Jonathane? Mosadi a re ho bona: Ba tshetse molatswana. Ba batla, ba se ke ba fumana letho, ba ba ba kgutlela Jerusalema.