BIBELE e Halalelang

2 Samuele 17:24-29 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

24. Haele Davida, a ya fihla Mahanaime; Absalome yena, a tshela Jordane, a ena le batho bohle ba Iseraele.

25. Tulong tsa Joabe, Absalome a bea Amasa molaodi wa makgotla. Amasa eo e ne e le mora motho ya bitswang Jithra, Moiseraele, ya neng a kene ho Abigaile, moradi wa Nahashe, ngwanabo Tseruja, mma Joabe.

26. Jwale, Baiseraele le Absalome ba ya, ba emisa naheng ya Gileade.

27. Davida ha a fihla Mahanaime, Shobi, mora Nahashe wa Rabba, wa bana ba Ammone, le Makire, mora Ammiele wa Lodebare, le Barsillai, Mogileade wa Roglime,

28. ba tlisa diphate, le merifi, le dipitsa tsa letsopa, le koro, le harese, le phofo, le diqhome, le dinawa, le dierikise, le dipabi,

29. le dinotshi, le sereledi, le dinku, le mafi; ba di tlisetsa Davida le setjhaba seo a nang le sona, e be dijo tsa bona, ba re: Setjhaba se lapile, se kgathetse, se nyorilwe ka baka la nahathothe.