BIBELE e Halalelang

2 Samuele 17:18-26 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

18. Empa mohlankana e mong a ba bona, a tsebisa Absalome. Leha ho le jwalo, ba tsamaya ba babedi, ba potlaka, ba fihla Bahurime ha monna e mong, ya nang le sediba se sekoti lebaleng la hae, ba theohela teng.

19. Mosadi wa hae a nka lesela, a le ala hodima sediba se sekoti, a aneha koro e tutsweng teng, hore ho se ke ha bonahala letho.

20. Bahlanka ba Absalome ba fihla ha mosadi eo, ba re: Ba kae boAkimaatse le Jonathane? Mosadi a re ho bona: Ba tshetse molatswana. Ba batla, ba se ke ba fumana letho, ba ba ba kgutlela Jerusalema.

21. Eitse hobane ba tsamaye, boJonathane ba tswa sekoting, ba ya tsebisa morena Davida, ba re ho Davida: Tlohang, le tshele noka kapele, hobane Akitofele o eleditse bakeng sa lona ka hore le ka hore.

22. Yaba Davida le setjhaba sohle se ho yena ba tloha, ba tshela Jordane. Ha bo esa, ha bo ho se ho se le a mong ya sa kang a tshela Jordane.

23. Jwale, Akitofele, ha a bona hore ha ho etswe ka keletso ya hae, a qhaneha esele ya hae, a tloha, a ya hae motseng wa habo; a hleka ntlo ya hae, a ikgama, a shwa, mme a epelwa lebitleng la ntatae.

24. Haele Davida, a ya fihla Mahanaime; Absalome yena, a tshela Jordane, a ena le batho bohle ba Iseraele.

25. Tulong tsa Joabe, Absalome a bea Amasa molaodi wa makgotla. Amasa eo e ne e le mora motho ya bitswang Jithra, Moiseraele, ya neng a kene ho Abigaile, moradi wa Nahashe, ngwanabo Tseruja, mma Joabe.

26. Jwale, Baiseraele le Absalome ba ya, ba emisa naheng ya Gileade.