BIBELE e Halalelang

2 Samuele 17:1-4 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Akitofele a eketsa a re ho Absalome: Jwale, a nke ke kgethe banna ba kete tse leshome le metso e mmedi, ke tlohe, ke phallele Davida le bosiu bona.

2. Ke tla mo fihlela a sa kgathetse, a fokotse matsoho, ke mo tshose; setjhaba sohle se leng ho yena se tla baleha; ke tla bolaya yena morena a nnotshi.

3. Ke tla sokollela setjhaba sohle ho wena, hobane, ha ho ka shwa motho eo o mmatlang, etlaba setjhaba se sokolohetse ho wena kaofela ha sona, mme setjhaba se tla ba le kgotso.

4. Taba eo ya kgahla Absalome le baholo bohle ba Iseraele.