BIBELE e Halalelang

2 Samuele 15:31-37 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

31. Jwale Davida a tsebiswa, ha thwe: Akitofele ke e mong wa ba emelanang le Absalome. Davida a re: Oho, Jehova, o etse keletso ya Akitofele lefeela.

32. Davida eitse ha a fihla hlorong ya thaba moo Modimo o sebeletswang teng, Hushai Moarke a tla mo kgahlanyetsa, a hahotse kobo ya hae, a le dithole hloohong.

33. Davida a re ho yena: Ha o ka fetela pele le nna, o tla ba phahlo ho nna;

34. empa ha o ka boela hae, wa re ho Absalome: Oho, morena, ke tla ba mohlanka wa hao; jwalokaha ke bile mohlanka wa ntatao, ke be mohlanka wa hao jwale, moo o tla nketsetsa merero ya Akitofele ntho feela.

35. Ha ke re, ho setse le wena baprista Tsadoke le Abiathare na? Taba tsohle tseo o tla di utlwa tlung ya morena, o ke o di phetele baprista Tsadoke le Abiathare.

36. Bona, ba na le bara ba bona ba babedi, Akimaatse mora Tsadoke, le Jonathane mora Abiathare. Le ke le nthomele ka bona taba tsohle tseo le tla di utlwa.

37. Yaba Hushai, motswalle wa Davida, o ya motseng. Mme Absalome a kena Jerusalema.