BIBELE e Halalelang

2 Samuele 15:24-29 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

24. Le Tsadoke le Balevi bohle ba fihla, ba jere areka ya selekane sa Modimo; ba bea areka ya Modimo fatshe, mme Abiathare o ne a nyoloha, ho fihlela setjhaba kaofela se tswang hae se ba se qeta ho tshela.

25. Morena a ntoo re ho Tsadoke: Busetsa areka ya Modimo motseng; ha nka bona mohau ho Jehova, o tla nkgutlisa, a boele a mpontshe yona le tulo tsa yona.

26. Le mohlomong, leha a ka bolela hore ha a kgahlwe ke nna, ke nna enwa, a ke a etse ka nna kamoo a ratang kateng.

27. Morena a eketsa a re ho moprista Tsadoke: Na ha o utlwisise? Ipoelle hae ka kgotso, le Akimaatse mora hao, le Jonathane mora Abiathare, bara ba lona ba babedi.

28. Ke ya dikadika nahathothe, ho be ho fihle molomo o tswang ho lona o ntsebisang ditaba.

29. Ha ho le jwalo, Tsadoke le Abiathare ba kgutlisetsa areka ya Modimo Jerusalema, ba dula teng.