BIBELE e Halalelang

2 Samuele 15:14-26 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

14. Davida a re ho bahlanka bohle ba hae bao a nang le bona Jerusalema: Tlohang, re baleheng: ha ho se jwalo, ha ho le a mong wa rona ya tla phonyohela Absalome. Phakisang le tlohe, esere mohlomong a re tshwara sehloho, a re ntsha kotsi, a bolaya le ba motseng ka bohale ba lerumo.

15. Bahlanka ba morerena ba re ho morena: Ke rona bana bahlanka ba hao, re tla etsa kahohle kamoo morena a ka ratang kateng.

16. Ebile morena o a tloha, le bohle ba ntlo ya hae ba mo sala morao; morena a mpa a siya basadi ba leshome ba direthe ho lebela ntlo.

17. Morena a tloha jwalo, le setjhaba sohle sa mo sala morao, ba ya, ba emisa tlung e hole.

18. Haele bahlanka ba hae, ba tsamaya kamathoko ho yena; Bakerethe le Bapelethe bohle, le bohle ba Gathe, e leng batho ba makgolo a tsheletseng, ba tlileng le yena ha a tloha Gathe, ba etella morena pele.

19. Yaba morena o re ho Ittai wa Gathe: Na wena o tlelang le rona? Kgutla, o sale le morena, etswe o le mojaki le ya tlositsweng haeno; kgutlela tlung ya hao.

20. Haele moo o sa tswa fihla maobane, nka o dikadikisa jwang kajeno hammoho le rona ho ya mane le mane? Haele nna, ke ya moo nka yang. Kgutla, o kgutlise le banabeno; mohau le nnete di ke di be ho wena.

21. Ittai a fetola morena, a re: Ka Jehova ya utlwang, le ka morena, monga ka, ya utlwang, leha morena, monga ka, a ka ba kae le kae, leha e le ho shweng, leha e le ho pheleng, mohlanka wa hao le yena o tla ba hona teng.

22. Davida a re ho Ittai: Ha ho le jwalo, tlo o fetele pele. Kahoo Ittai wa Gathe, le batho bohle ba hae, le bana bohle ba hae, ba fetela pele.

23. Batho bohle ba lefatshe ba ne ba ntse ba bokolla, ha setjhaba sohle se ntse se ya pele; morena a ba a tshela molapo wa Kedrone, le setjhaba sohle sa tshela, se nkile tsela e yang feelleng.

24. Le Tsadoke le Balevi bohle ba fihla, ba jere areka ya selekane sa Modimo; ba bea areka ya Modimo fatshe, mme Abiathare o ne a nyoloha, ho fihlela setjhaba kaofela se tswang hae se ba se qeta ho tshela.

25. Morena a ntoo re ho Tsadoke: Busetsa areka ya Modimo motseng; ha nka bona mohau ho Jehova, o tla nkgutlisa, a boele a mpontshe yona le tulo tsa yona.

26. Le mohlomong, leha a ka bolela hore ha a kgahlwe ke nna, ke nna enwa, a ke a etse ka nna kamoo a ratang kateng.