BIBELE e Halalelang

2 Samuele 15:10-22 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

10. Empa Absalome a roma manqosa melokong yohle ya Iseraele, a reng. Etlere ha le utlwa modumo wa terompeta, le ke le re: Absalome ke morena Hebrone.

11. Ha ya le Absalome makgolo a mabedi a ba memilweng ba Jerusalema, ba ya ba sa etse mano, ba sa tsebe letho.

12. Absalome a romela le ho bitsa Akitofele Mogilone, moeletsi wa Davida, Gilo, motseng wa habo, nakong eo a neng a hlaba mahlabelo. Morero wa ba kwenehetseng morena wa tiya, le batho ba tlang ho Absalome ba nna ba eketseha.

13. Yaba e mong o tla, a behela Davida, a re: Pelo tsa Baiseraele di sokolohetse ho Absalome.

14. Davida a re ho bahlanka bohle ba hae bao a nang le bona Jerusalema: Tlohang, re baleheng: ha ho se jwalo, ha ho le a mong wa rona ya tla phonyohela Absalome. Phakisang le tlohe, esere mohlomong a re tshwara sehloho, a re ntsha kotsi, a bolaya le ba motseng ka bohale ba lerumo.

15. Bahlanka ba morerena ba re ho morena: Ke rona bana bahlanka ba hao, re tla etsa kahohle kamoo morena a ka ratang kateng.

16. Ebile morena o a tloha, le bohle ba ntlo ya hae ba mo sala morao; morena a mpa a siya basadi ba leshome ba direthe ho lebela ntlo.

17. Morena a tloha jwalo, le setjhaba sohle sa mo sala morao, ba ya, ba emisa tlung e hole.

18. Haele bahlanka ba hae, ba tsamaya kamathoko ho yena; Bakerethe le Bapelethe bohle, le bohle ba Gathe, e leng batho ba makgolo a tsheletseng, ba tlileng le yena ha a tloha Gathe, ba etella morena pele.

19. Yaba morena o re ho Ittai wa Gathe: Na wena o tlelang le rona? Kgutla, o sale le morena, etswe o le mojaki le ya tlositsweng haeno; kgutlela tlung ya hao.

20. Haele moo o sa tswa fihla maobane, nka o dikadikisa jwang kajeno hammoho le rona ho ya mane le mane? Haele nna, ke ya moo nka yang. Kgutla, o kgutlise le banabeno; mohau le nnete di ke di be ho wena.

21. Ittai a fetola morena, a re: Ka Jehova ya utlwang, le ka morena, monga ka, ya utlwang, leha morena, monga ka, a ka ba kae le kae, leha e le ho shweng, leha e le ho pheleng, mohlanka wa hao le yena o tla ba hona teng.

22. Davida a re ho Ittai: Ha ho le jwalo, tlo o fetele pele. Kahoo Ittai wa Gathe, le batho bohle ba hae, le bana bohle ba hae, ba fetela pele.