BIBELE e Halalelang

2 Samuele 15:1-10 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Kamora tseo, Absalome a ipatlela koloi le dipere, le batho ba mashome a mahlano ba mathang ba mo eteletse pele.

2. Absalome o ne a tsoha e sa le hosasa, a ye ho ema pela tsela e yang kgorong ya motse; motho e mong le e mong ya neng a eya ho morena ka nyewe ya hae kahlolong, Absalome o ne a mo bitsa, a re: Wena nnyeo, o tswa motseng ofe? Eo ha a re: Mohlanka wa hao o tswa lelokong le itseng la Iseraele,

3. Absalome o ne a re ho yena: Taba tsa hao di ntle, di lokile, empa ha ho ya beilweng ke morena ho di utlwa ho wena.

4. Hape, Absalome o ne a re: Hoja nka bewa moahlodi wa lefatshe lena, bohle ba nang le dinyewe le tse ahlolwang ba ka be ba etla ho nna, mme nka be ke ba ahlolela.

5. Enere motho ha a etla ho inama pela hae, o ne a mo otlollela letsoho, a mo tshware, a mo ake.

6. Absalome a nna a etsa jwalo ho Baiseraele bohle ba tlang ho morena kahlolong; kahoo, Absalome a utswa dipelo tsa Baiseraele bohle.

7. Eitse hobane ho fete dilemo tse nne, Absalome a re ho morena: A nke ke ye Hebrone, ke lefe kano eo ke e anetseng Jehova.

8. Ke le mohlanka wa hao, ke sa le Geshure wa Siria, nkile ka hlapanya ka kano, ka re: Ha Jehova a ka mpusetsa hantle Jerusalema, ke tla sebeletsa Jehova.

9. Morena a re ho yena: Eya ka kgotso. Kahoo a tloha, a ikela Hebrone.

10. Empa Absalome a roma manqosa melokong yohle ya Iseraele, a reng. Etlere ha le utlwa modumo wa terompeta, le ke le re: Absalome ke morena Hebrone.