BIBELE e Halalelang

2 Samuele 13:3-7 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

3. Amnone o ne a na le motswalle, lebitso la hae e le Jonadabe, mora Shimea, ngwanabo Davida. Jonadabe e ne e le motho ya bohlale haholo.

4. A re ho Amnone: O otelang hakalo, ngwana morena, ka tsatsi le leng le le leng? Ha o ntsebise keng na? Amnone a re ho yena: Ke rata Tamare, kgaitsedi ya ngwaneso Absalome.

5. Jonadabe a re ho yena: Robala diphateng tsa hao, o iketse ya kulang, mme ntatao ha a tla o bona, e re ho yena: Ha ho tle Tamare, kgaitsedi ya ka, mme a mphepe, a mphehele dijo pela mahlo a ka, ke tle ke di tadime, mme ke di je diatleng tsa hae.

6. Yaba Amnone o robala, a iketsa ya kulang. Morena ha a tla mmona, Amnone a re ho morena: Ho ke ho tle Tamare, kgaitsedi ya ka, a ke a nketsetse maqebekwane a mabedi pela mahlo a ka, ke tle ke a je diatleng tsa hae.

7. Yaba Davida o romela ho Tamare hae, ka ho re: Eya ha Amnone, kgaitsedi ya hao, o mo phehele dijo.