BIBELE e Halalelang

2 Samuele 13:28-39 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

28. Jwale, Absalome a laela bahlanka ba hae, a re: Le ke le bone pelo ya Amnone ha e thabile ke veine; etlere ha ke re ho lona: Bolayang Amnone, le ke le mmolaye; le se ke la tshaba; ha ke re, ke nna ke le laelang? Itiiseng, le etse ka senna.

29. Yaba bahlanka ba Absalome ba etsa ka Amnone kamoo Absalome a laetseng kateng; mme bara bohle ba morena ba tsoha, ba kalla e mong le e mong esele ya hae, ba baleha.

30. Ha ba sa le tseleng, taba tseo tsa fihla ho Davida, ha thwe: Absalome a bolaile bara bohle ba morena; ha ho a ka ha tlola le a mong.

31. Ebile morena o a ema, a hahola diaparo tsa hae, a robala fatshe; le bona bahlanka bohle ba hae ba tla, ba ema pela hae, ba hahotse diaparo tsa bona.

32. Jonadabe, mora Shimea, ngwanabo Davida, yena a bolela, a re: Monga ka a se ke a lekanya hore bahlankana bohle, bara ba morena, ba bolailwe; ho shwele Amnone a nnotshi; e bile ka morero o neng o rerwe ke Absalome haesale Amnone a senya kgaitsedie Tamare.

33. Jwale, morena, monga ka, a se ke a lekanya hore ekaba ho shwele bara bohle ba morena; ho shwele Amnone a nnotshi.

34. Haele Absalome yena, a baleha.Yaba mohlanka ya lebelang, ha a emisa mahlo ho tadima, a bona ho hlaha batho ba bangata ba tsamayang ka tsela e sikang le thaba.

35. Yaba Jonadabe o re ho morena: Bara ba morena ke bao ba fihlang, ho fela ho le jwalokaha ho boletse mohlanka wa hao.

36. A re a sa qetella puo, ha fihla bara ba morena, ba lla, ba bokolla; le yena morena a lla, le bahlanka bohle ba hae ba lla haholoholo.

37. Haele Absalome a baleha, a ya ha Talmai, mora Amihure, morena wa Geshure. Mme Davida a nna a llela mora hae ka ditshiu tsohle.

38. Absalome ha a baleha, a ya Geshure, a dula teng dilemo tse tharo.

39. Morena Davida a hlolohelwa Absalome, hobane o ne a tshedisehile bakeng sa ho shwa ha Amnone.