BIBELE e Halalelang

2 Samuele 13:24-31 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

24. Absalome a tla ho morena, a re: Bona, mohlanka wa hao o na le bakuti; morena a ke a tle hle le bahlanka ba hae ha mohlanka wa hao.

25. Morena a re ho Absalome: Tjhe, mora ka, re ke ke ra ya kaofela, esebe ra o imetsa. Leha a ne a mo phehella, a hana ho ya; feela a mo hlohonolofatsa.

26. Absalome a re: Ha o sa tle, ngwaneso Amnone a ke a tle le rona. Morena a re ho yena: A eleng le wena?

27. Absalome a mo phehella, Davida a ba a re, Amnone le bara bohle ba morena ba ye le yena.

28. Jwale, Absalome a laela bahlanka ba hae, a re: Le ke le bone pelo ya Amnone ha e thabile ke veine; etlere ha ke re ho lona: Bolayang Amnone, le ke le mmolaye; le se ke la tshaba; ha ke re, ke nna ke le laelang? Itiiseng, le etse ka senna.

29. Yaba bahlanka ba Absalome ba etsa ka Amnone kamoo Absalome a laetseng kateng; mme bara bohle ba morena ba tsoha, ba kalla e mong le e mong esele ya hae, ba baleha.

30. Ha ba sa le tseleng, taba tseo tsa fihla ho Davida, ha thwe: Absalome a bolaile bara bohle ba morena; ha ho a ka ha tlola le a mong.

31. Ebile morena o a ema, a hahola diaparo tsa hae, a robala fatshe; le bona bahlanka bohle ba hae ba tla, ba ema pela hae, ba hahotse diaparo tsa bona.