BIBELE e Halalelang

2 Samuele 13:11-24 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

11. A re a sa a beile pela hae hore a a je, Amnone a mo tshwara, a re ho yena: Tloo, kgaitsedi ya ka, o robale le nna.

12. Eo a re: Tjhe, kgaisedi ya ka, o se ke wa nketsa ka matla, hobane hoo hase ho ka etswang Iseraeleng; o se ke wa etsa manyala ao.

13. Ke tla isa dihlong tsa ka kae? Le wena, o ka ba ntho e kang le leng la mahlanya a Iseraeleng. Bua le morena, a ke ke a o hanela le nna.

14. Amnone a hana ho mo utlwa, a mmeta, a mo hlola, a ba a robala le yena.

15. Jwale, Amnone a mo hloya ka hloyo e fetisisang, a mo hloya ka hloyo e kgolo ho lerato leo a neng a mo rata ka lona pele. Yaba Amnone o re ho yena: Tloha, o ikele.

16. Tamare a re ho yena: O se ke wa etsa ka ho nteleka bobe bo bong bo boholo, bo fetang boo o seng o nkentse bona. A mpa a hana ho mo utlwa;

17. a bitsa mohlanka wa hae ya mo sebeletsang, a re: Lelekela mosadi eo ntle, a tlohe pela ka, o mo kwalle lemati.

18. Tamare o ne a na le kobo e mebalabala, hobane e ne e le sona seaparo se aparwang ke baradi ba morena ha e ntse e le barwetsana. Yaba mohlanka wa Amnone o mo ntshetsa ntle, a mo kwalla lemati.

19. Tamare a ithuntshetsa melora hloohong, a hahola le kobo e mebalabala eo a e apereng, a bea letsoho la hae hloohong ya hae, a ikela a ntse a bokolla.

20. Yaba Absalome, kgaitsedi ya hae, o re ho yena: Na Amnone, kgaitsedi ya hao, o kile a ba le wena na? Oho, kgaitsedi ya ka, o ke o kgutse jwale, hobane ke kgaitsedi ya hao; o se ke wa hlabeha ke taba eo pelong ya hao. Yaba Tamare o ya dula ha Absalome, kgaitsedi ya hae, a hlomohile.

21. Morena Davida, ha a utlwa taba tseo tsohle, a halefa haholo.

22. Absalome yena a mpa a se ke a bua ho Amnone ka taba e mpe, kapa e ntle, kahobane Absalome a ne a hloile Amnone, kahobane a betile kgaitsedi ya hae Tamare.

23. Eitse hobane ho fete dilemo tse pedi, Absalome a ba le bakuti Baale-Hatsore, naheng ya Efraime, mme Absalome a memela bara bohle ba morena teng.

24. Absalome a tla ho morena, a re: Bona, mohlanka wa hao o na le bakuti; morena a ke a tle hle le bahlanka ba hae ha mohlanka wa hao.