BIBELE e Halalelang

2 Samuele 13:10-18 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

10. Jwale Amnone a re ho Tamare: Tlisa dijo phaposing e kahare, ke tle ke di je diatleng tsa hao. Yaba Tamare o nka maqebekwane ao a a phehileng, a a tlisetsa Amnone, kgaitsedi ya hae, phaposing e kahare.

11. A re a sa a beile pela hae hore a a je, Amnone a mo tshwara, a re ho yena: Tloo, kgaitsedi ya ka, o robale le nna.

12. Eo a re: Tjhe, kgaisedi ya ka, o se ke wa nketsa ka matla, hobane hoo hase ho ka etswang Iseraeleng; o se ke wa etsa manyala ao.

13. Ke tla isa dihlong tsa ka kae? Le wena, o ka ba ntho e kang le leng la mahlanya a Iseraeleng. Bua le morena, a ke ke a o hanela le nna.

14. Amnone a hana ho mo utlwa, a mmeta, a mo hlola, a ba a robala le yena.

15. Jwale, Amnone a mo hloya ka hloyo e fetisisang, a mo hloya ka hloyo e kgolo ho lerato leo a neng a mo rata ka lona pele. Yaba Amnone o re ho yena: Tloha, o ikele.

16. Tamare a re ho yena: O se ke wa etsa ka ho nteleka bobe bo bong bo boholo, bo fetang boo o seng o nkentse bona. A mpa a hana ho mo utlwa;

17. a bitsa mohlanka wa hae ya mo sebeletsang, a re: Lelekela mosadi eo ntle, a tlohe pela ka, o mo kwalle lemati.

18. Tamare o ne a na le kobo e mebalabala, hobane e ne e le sona seaparo se aparwang ke baradi ba morena ha e ntse e le barwetsana. Yaba mohlanka wa Amnone o mo ntshetsa ntle, a mo kwalla lemati.