BIBELE e Halalelang

2 Samuele 13:1-5 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Absalome, mora Davida, o ne a na le kgaitsedi e ntle, e bitswang Tamare; mme Amnone mora Davida, a mo rata.

2. Amnone a tsieleha, a ba a kula ka baka la Tamare, kgaitsedi ya hae; kahobane e be e sa ntsane e le morwetsana, Amnone a sitwa ho mo etsa letho.

3. Amnone o ne a na le motswalle, lebitso la hae e le Jonadabe, mora Shimea, ngwanabo Davida. Jonadabe e ne e le motho ya bohlale haholo.

4. A re ho Amnone: O otelang hakalo, ngwana morena, ka tsatsi le leng le le leng? Ha o ntsebise keng na? Amnone a re ho yena: Ke rata Tamare, kgaitsedi ya ngwaneso Absalome.

5. Jonadabe a re ho yena: Robala diphateng tsa hao, o iketse ya kulang, mme ntatao ha a tla o bona, e re ho yena: Ha ho tle Tamare, kgaitsedi ya ka, mme a mphepe, a mphehele dijo pela mahlo a ka, ke tle ke di tadime, mme ke di je diatleng tsa hae.