BIBELE e Halalelang

2 Petrose 3:8-18 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

8. Feela, baratuwa, se lebaleng taba ena e le nngwe, ya hore letsatsi le le leng pela Morena le jwaloka mengwaha e sekete, le hoba mengwaha e sekete e jwaloka letsatsi le le leng.

9. Morena ha a diehise dipallo tsa hae, jwalokaha ba bang ba lekanya hobane tieho e teng; empa o sa mameletse ka baka la rona; hobane ha a rate ha ba bang ba ka timela, empa o rata hore bohle ba finyelle pakong.

10. Letsatsi la Morena lona le tla tla ka mokgwa wa leshodu la bosiu, mme ka lona mahodimo a tla feta ka lerata le tshabehang, mme metheo ya dintho e tla fediswa ke ho tjha, le lefatshe le tla tjha ruri le mesebetsi e ho lona.

11. Jwale, haele moo ntho tseo tsohle di abetswe ho fediswa, e ka kgona le be batho ba matla hakakang diketsong tse halalelang tsa borapedi;

12. le ntse le lebeletse, mme le akofisa ho tla ha letsatsi la Modimo, leo mahodimo a tla fediswa ke ho tjha ka lona, mme metheo e tla qhibidiha ke ho tjha!

13. Empa re lebeletse, ka pallo ya wona, mahodimo a matjha le lefatshe le letjha moo ho loka ho ikahetseng teng.

14. Ka baka leo, baratuwa, erekaha le lebeletse tse jwalo, itiiseng hore le tle le fihlelwe ke yena le ena le kgotso, le se na letheba le sekodi.

15. Mme le lemohe hobane mamello ya Morena wa rona, ke poloko; jwalokaha Pauluse, ngwanabo rona ya ratwang, a le ngoletse le yena, ka bohlale boo a bo neilweng;

16. jwalokaha a ngola mangolong a hae wohle, moo a bolelang tse jwalo; empa ho wona ho na le ditaba tse ding tse thata, tseo ba sa rutehang le ba tetemang ba di kgopamisetsang tahleho ya bona, jwalokaha ba etsa mangolo a mang.

17. Haele lona, baratuwa, ha le se le itsebetse tseo pele, itebeleng, le se tshohe le hulanngwa le ba bang ke thetso ya ba manyala bao, mme la timellwa ke ho tiya ha lona;

18. le mpe le hole mohaung le tsebong ya Jesu Kreste, Morena le Mmoloki wa rona. Ho yena e be kganya jwale le mehleng e sa feleng! Amen!