BIBELE e Halalelang

2 Petrose 2:5-19 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

5. mme ha o sa ka wa hauhela lefatshe la kgale, wa mpa wa boloka Nowe, mmoledi wa ho loka, e le yena wa boroba meno e le mmedi, mohla o tlisang morwallo hodima lefatshe la banyefodi;

6. mme ha o ahlotse metse ya Sodoma le Gomora ka ho e ripitla, le ka ho e fetola molora, hore e be temoso ho ba tlang ho ba banyefodi;

7. mme ha o pholositse Lota, monna ya lokileng, ya neng a hlora hampe ka baka la ketso tse dihlong tsa batho bao ba manyala —

8. hobane monna eo ya lokileng, moyeng wa hae o lokileng, o ne a ntse a hloreha ka tsatsi le leng le le leng, ha a ne a ahile le bona, ka baka la mesebetsi e mebe ya bona, eo a neng a e bona le eo a neng a e utlwa —

9. ke moo ho bonahalang hobane Morena o tseba ho lwela barapedi molekong, le ho bolokela bakgopo hlokofatso ya letsatsi la kahlolo;

10. haholo ba dumelang ho hulelwa ke nama ditakatsong tse ditshila, ba nyedisang borena.Baikgantshi, baikgohomosi bao, ha ba tshabe ho nyefola ba kganyang;

11. athe mangeloi, leha a re fetisa ka matla le ka boholo, ha a hlahise kahlolo e ba nyefolang pela Morena.

12. Empa bao, ba leng jwaloka diphoofolo tse se nang kelello, tse nang le bophelo ba nama feela, tse hlahileng hore di tshwarwe mme di hlajwe, ha ba ntse ba nyefola tabeng tseo ba sa di tsebeng, ba tla timela ho boleng ha bona, ba inkele moputso wa bokgopo jwa bona.

13. Seo e leng monyaka ho bona ke ho phela ka bohlola ka matsatsi wohle; ke matheba le ditshila hara lona; ba ithabela dithetsong tsa bona, ha ba ntse ba eja le lona.

14. Mahlo a bona a tletse bofebe le sebe se sa phetseng, ba tjheha meya e dikadikang; ba na le dipelo tse hlalefetseng ho batla leruo; ke ba rohakilweng.

15. Ba kgelohile tsela e lokileng, ba lahlehile, ba ile ka tsela ya Balaame, mora Bosore, ya ratileng moputso wa bokgopo.

16. Empa o ne a kgalemellwe bokgopo ba hae; esele e se nang puo, ya thibela bohlanya ba moporofeta ka lentswe le kang la motho.

17. Bao ke didiba tse se nang metsi, ke maru a fefolwang ke sefefo, mme botsho ba lefifi bo boloketswe bona ka ho sa feleng.

18. Hobane ka ho bolela ditaba tsa boikgantsho le tsa lefeela, ba tjhatjhehisa ka ditakatso tsa nama le ka bohlola batho ba sa tswa furalla ba itsamaelang leshanong;

19. ba ba tshepisa tokoloho, athe bona ke bahlanka ba ho bola; hobane seo motho a hlolwang ke sona, o fetoha mofo wa sona le hona.