BIBELE e Halalelang

2 Petrose 2:17-22 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

17. Bao ke didiba tse se nang metsi, ke maru a fefolwang ke sefefo, mme botsho ba lefifi bo boloketswe bona ka ho sa feleng.

18. Hobane ka ho bolela ditaba tsa boikgantsho le tsa lefeela, ba tjhatjhehisa ka ditakatso tsa nama le ka bohlola batho ba sa tswa furalla ba itsamaelang leshanong;

19. ba ba tshepisa tokoloho, athe bona ke bahlanka ba ho bola; hobane seo motho a hlolwang ke sona, o fetoha mofo wa sona le hona.

20. Hobane ha ba ne ba se ba balehetse ditshila tsa lefatshe, ke ho tseba Jesu Kreste, Morena le Mmoloki wa rona, mme ba boetse ba itshwasitse ho tsona, mme ba hlotswe ke tsona, taba tsa bona tsa qetello di mpe ho fetisa tsa pele.

21. Hobane ho ne ho ka fetisa ka molemo ho bona hore ba se ke ba tseba tsela ya ho loka, ho ena le hore ba kgelohe molao o halalelang oo ba o neilweng, ha ba se ba o tsebile.

22. Empa ba hlahetswe ke taba ya setshwantsho sa nnete se reng: Ntja e kgutletse mahlatseng a yona, mme kolobe, hobane e hlatsuwe, e boetse e ipitikile seretseng.