BIBELE e Halalelang

2 Petrose 2:1-14 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Empa, jwalokaha baporofeta ba bohata ba ile ba hlaha setjhabeng sa Iseraele, le hara lona baruti ba bohata ba tla ba teng, ba kenyang ka sephiri dithuto tse senyang, mme ka ho latola Morena ya ba lopolotseng, ba tla ikgulela tshenyeho e sehloho hodimo.

2. Mme ba bangata ba tla ba latela bohloleng ba bona; mme tsela ya nnete e tla nyefolwa ka baka la bona.

3. Mme ka baka la takatso ya bona ya ho rua ka lona, ba tla le thetsa ka dipolelo tsa mano; empa kahlolo eo e seng e le kgale ba e abetswe, ha e diehe, mme timelo ya bona ha e robale.

4. Hobane Modimo, ha o sa ka wa hauhela mangeloi a sitilweng, wa mpa wa a dihela diheleng, a tlamilwe ka mahlaahlela a lefifi, mme o a neetse ho bolokelwa kahlolo;

5. mme ha o sa ka wa hauhela lefatshe la kgale, wa mpa wa boloka Nowe, mmoledi wa ho loka, e le yena wa boroba meno e le mmedi, mohla o tlisang morwallo hodima lefatshe la banyefodi;

6. mme ha o ahlotse metse ya Sodoma le Gomora ka ho e ripitla, le ka ho e fetola molora, hore e be temoso ho ba tlang ho ba banyefodi;

7. mme ha o pholositse Lota, monna ya lokileng, ya neng a hlora hampe ka baka la ketso tse dihlong tsa batho bao ba manyala —

8. hobane monna eo ya lokileng, moyeng wa hae o lokileng, o ne a ntse a hloreha ka tsatsi le leng le le leng, ha a ne a ahile le bona, ka baka la mesebetsi e mebe ya bona, eo a neng a e bona le eo a neng a e utlwa —

9. ke moo ho bonahalang hobane Morena o tseba ho lwela barapedi molekong, le ho bolokela bakgopo hlokofatso ya letsatsi la kahlolo;

10. haholo ba dumelang ho hulelwa ke nama ditakatsong tse ditshila, ba nyedisang borena.Baikgantshi, baikgohomosi bao, ha ba tshabe ho nyefola ba kganyang;

11. athe mangeloi, leha a re fetisa ka matla le ka boholo, ha a hlahise kahlolo e ba nyefolang pela Morena.

12. Empa bao, ba leng jwaloka diphoofolo tse se nang kelello, tse nang le bophelo ba nama feela, tse hlahileng hore di tshwarwe mme di hlajwe, ha ba ntse ba nyefola tabeng tseo ba sa di tsebeng, ba tla timela ho boleng ha bona, ba inkele moputso wa bokgopo jwa bona.

13. Seo e leng monyaka ho bona ke ho phela ka bohlola ka matsatsi wohle; ke matheba le ditshila hara lona; ba ithabela dithetsong tsa bona, ha ba ntse ba eja le lona.

14. Mahlo a bona a tletse bofebe le sebe se sa phetseng, ba tjheha meya e dikadikang; ba na le dipelo tse hlalefetseng ho batla leruo; ke ba rohakilweng.