BIBELE e Halalelang

2 Petrose 1:5-13 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

5. jwale le lona, le ke le ntsheletse hona hoo matla wohle a lona, le eketse tumelo ya lona ka matla, le matla a eketswe ka tsebo,

6. le tsebo ka boitshwaro, le boitshwaro ka mamello, le mamello ka borapedi,

7. le borapedi ka lerato la boena, le lerato la boena ka lerato la bohle.

8. Hobane ntho tseo ha di le ho lona, mme di eketseha ho lona, di ke ke tsa le fa sebaka sa ho ba botswa le sa ho nyopa tsebong ya Jesu Kreste, Morena wa rona.

9. Hobane eo ntho tseo di leng siyo ho yena, o foufetse, ha a bonele hole, mme o lebetse phekolo ya dibe tsa hae tsa pele.

10. Ha ho le jwalo, banabeso, le mpe le tiye matla ke hona ho tiisa ho bitswa le ho kgethwa ha lona; hobane ha le ka etsa jwalo ke moo le ke keng la kgoptjwa le ka mohla o le mong.

11. Hape, ke ka mokgwa oo le tla fuwa sebaka se seholo sa ho kena mmusong o sa feleng wa Jesu Kreste, Morena le Mmoloki wa rona.

12. Ke ka baka leo nke keng ka lesa ho le hopotsa taba tseo kamehla, leha le se le rutehile, mme le tiile nneteng eo e seng e le ho lona.

13. Ke fela ke lekanya hobane, ha ke sa ntse ke le motlotlwaneng ona, ke tshwanetse ho le tsosa ka ho le hopotsa,