BIBELE e Halalelang

2 Petrose 1:18-21 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

18. le rona re ne re le utlwe lentswe leo, ha le theoha lehodimong, re ntse re na le yena thabeng e halalelang.

19. Hape, re na le ditaba tsa boporofeta, tse tiisitsweng ka ho fetisisa, mme le etsa hantle ha le di ela hloko, jwaloka lebone le bonesitseng nqalong e lefifi, ho fihlela meso e ba e hlaha, mme naledi ya hosasa e tjhabela dipelong tsa lona;

20. le tswe le se le dumela hobane ha ho boporofeta Lengolong bo hlahileng ka ho itlhalosetsa ha motho.

21. Hobane haesale, boporofeta ha bo a ka ba tliswa ke ho rata ha motho, empa ke ka tshusumetso ya Moya o Halalelang batho ba halalelang ba Modimo ba buileng.