BIBELE e Halalelang

2 Petrose 1:1-8 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ke le Simone Petrose, mohlanka le moapostola wa Jesu Kreste, ke ngolla lona ba abetsweng tumelo e le nngwe le ya rona ka bohlokwa, ka ho loka ha Modimo le Mmoloki wa rona, Jesu Kreste, ke re:

2. Le ke le atisetswe mohau le kgotso, ka tsebo ya Modimo le ya Jesu Kreste, Morena wa rona.

3. Haele moo matla a hae, e leng matla a Modimo, a re neile dintho tsohle tseo e leng tsa bophelo le tsa borapedi, ka tsebo ya ya re bitsitseng ka kganya le ka matla a hae;

4. mme ha ka tseo a re sitsitse jwalo ka dipallo tse kgolohadi, tsa bohlokwa, hore ka tsona le be le kabelo ho seo Modimo o leng sona, ka ho hloboha ho bola ho leng lefatsheng ka ditakatso;

5. jwale le lona, le ke le ntsheletse hona hoo matla wohle a lona, le eketse tumelo ya lona ka matla, le matla a eketswe ka tsebo,

6. le tsebo ka boitshwaro, le boitshwaro ka mamello, le mamello ka borapedi,

7. le borapedi ka lerato la boena, le lerato la boena ka lerato la bohle.

8. Hobane ntho tseo ha di le ho lona, mme di eketseha ho lona, di ke ke tsa le fa sebaka sa ho ba botswa le sa ho nyopa tsebong ya Jesu Kreste, Morena wa rona.