BIBELE e Halalelang

2 Marena 9:7-15 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

7. O tla timetsa ba ntlo ya Akabe, monga hao, ke tle ke phetetse ho Jesebele madi a baporofeta, bahlanka ba ka, le madi a bahlanka bohle ba Jehova.

8. Ntlo yohle ya Akabe e tla timela, ke timetse ba Akabe ba batona bohle, ba ruilweng le ba sa ruwang ba Iseraeleng.

9. Ke tla etsa ntlo ya Akabe jwalokaha ke entse ntlo ya Jeroboame, mora Nebathe, le ntlo ya Baesha, mora Akija.

10. Haele Jesebele, dintja di tla mo ja naheng ya Jisreele, ho se ya mo patang. Yaba o bula lemati, a baleha.

11. Jehu a tswela ho bahlanka ba monga hae. Ba re ho yena: Na ke kgotso na? Lehlanya leno le ne le tletseng ho wena? A re ho bona: Le a mo tseba monna eo le puo tsa hae.

12. Ba mpa ba re: O leshano; re bolelle. A re: O mpoleletse ka hore le hore, o itse: Jehova o re: Ke o tlotsitse ho ba morena wa Iseraele.

13. Yaba ba phakisa ba nka e mong le e mong kobo ya hae, ba di bea tlasa hae methating; ba letsa diterompeta, ba re: Jehu ke morena.

14. Jehu, mora Josafate, mora Nimshi, a fetohela Jorame jwalo. Yena o ba a ile le Baiseraele bohle ho sireletsa Ramothe-Gileade, ka baka la Hasaele, morena wa Siria.

15. Morena Jorame o ne a kgutletse Jisreele, a ile ho phekoloa teng maqeba ao Basiria ba neng ba mo hlabile wona, mohla a lwantshang Hasaele, morena wa Syria. Jehu a re: Ha le hopola jwalo, ho se ke ha eba le a mong ya tswang motseng, leha e le ho thoba, ho ya tsebisa ba Jisreele.