BIBELE e Halalelang

2 Marena 9:22-37 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

22. Ebile Jorame o re: Bofang. Ba bofa koloi ya hae. Jorame morena wa Iseraele, le Akasia morena wa Juda, ba tloha, e mong le e mong koloing ya hae, ba ya kgahlanyetsa Jehu, ba mo fihlela tshimong ya Nabothe wa Jisreele.

23. Jorame, ha a bona Jehu, a re ho yena: Na ke kgotso na, Jehu? Yena a re: Kgotso e ka ba e jwang, ha bofebe ba Jesebele, mmao, le boloi ba hae bo bongata bo ntse bo le teng? Jorame a reteletsa koloi ya hae, a baleha, mme a re ho Akasia: Oho, Akasia, re ekilwe.

24. Empa Jehu a fula ka seqha, a hlaba Jorame pakeng tsa mahetla, motsu wa ba wa tla tswa pelong ya hae; mme a wela koloing ya hae.

25. Jehu a re ho Bidkare, tona ya hae: Mo nke, o mo lahlele tshimong ya Nabothe wa Jisreele; hopola hobane, mohla re neng re kaletse hammoho le wena, re latetse Akabe ntatae, Jehova o boletse tsuo hodima hae,

26. kamoo Jehova a itseng kateng: Kannete maobane ke bone madi a Nabothe le madi a bara ba hae. Ke tla iphetetsa ho wena hona tshimong eo. Ho itswalo ke Jehova. Mo nke ke hona, o mo lahlele tshimong, jwalokaha Jehova a boletse.

27. Eitse Akasia, morena wa Juda, ha a bona hoo, a baleha ka tsela e yang tlung e ka tshimong. Jehu a mo phallela, a re: Le yena le mmolaele koloing. Ba mo hlabela moepeng wa Gure, o pela Jibleame; a ba a balehela Megiddo, a shwela teng.

28. Bahlanka ba hae ba mo isa Jerusalema ka koloi, ba mo pata lebitleng la hae ho bontatae, motseng wa Davida.

29. Ke ka selemo sa leshome le motso o mong sa Jorame, mora Akabe, Akasia a neng a qadile ho busa Juda.

30. Ha Jehu a fihla Jisreele, Jesebele a utlwa; yaba o itaka mahlo ka pilo, a ikgabisa hlooho, a nyarela ka sefensetere.

31. Jehu, ha a kena ka kgoro, Jesebele a re: Na ke kgotso, wena Simri, mmolai wa monga hao?

32. Jehu a lelaletsa mahlo a hae sefensetereng, a re: Ke mang ya nkemelang, ke mang? Balebedi ba babedi, kapa ba bararo, ba mo sheba.

33. A re: Mo diheleng. Ba mo dihela, madi a mang a hae a qatohela lerakong le dipereng; mme a mo hatakela ka maoto.

34. A ntoo kena, a ja, a nwa; a ba a re: Nkang mosadi yane ya soto, le mo epele, hobane ke moradi wa morena.

35. Ba ya, ba re ba mo epela; ba mpa ba se ke ba fumana letho, haese lehata, le maoto le diatla tsa matsoho a hae.

36. Ebile ba kgutla, ba mo tsebisa. A re: Ke yona taba eo Jehova a neng a e boletse ka Elia wa Thishba, mohlanka wa hae, a re: Naheng ya Jisreele, dintja di tla ja nama ya Jesebele;

37. mme setopo sa Jesebele se tla ba jwaloka kgapane hodima lefatshe, naheng ya Jisreele, ho tle ho se ke ha thwe: Ke yena Jesebele.