BIBELE e Halalelang

2 Marena 9:13-22 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

13. Yaba ba phakisa ba nka e mong le e mong kobo ya hae, ba di bea tlasa hae methating; ba letsa diterompeta, ba re: Jehu ke morena.

14. Jehu, mora Josafate, mora Nimshi, a fetohela Jorame jwalo. Yena o ba a ile le Baiseraele bohle ho sireletsa Ramothe-Gileade, ka baka la Hasaele, morena wa Siria.

15. Morena Jorame o ne a kgutletse Jisreele, a ile ho phekoloa teng maqeba ao Basiria ba neng ba mo hlabile wona, mohla a lwantshang Hasaele, morena wa Syria. Jehu a re: Ha le hopola jwalo, ho se ke ha eba le a mong ya tswang motseng, leha e le ho thoba, ho ya tsebisa ba Jisreele.

16. Ebile Jehu o kena koloing, a ya Jisreele, hobane Jorame o ne a sekame diphateng teng, mme Akasia, morena wa Juda, o ne a tlile ho bona Jorame.

17. Ho bo ho eme sebohodi hodima tora ya Jisreele; sa bona sehlopha sa Jehu se etla, sa re: Ke bona sehlopha. Jorame a re: Ho nkwe mokalli e mong, a romelwe ho ba kgahlanyetsa, a re: Na ke kgotso na?

18. Yaba mokalli o tloha, a ya kgahlanyetsa Jehu, a re: Ho itswe ke morena: Na ke kgotso na?

19. Jehu a re: O na le taba efe le kgotso? Fetela kamorao ho nna. Sebohodi sa howa, sa re: Lenqosa le fihlile ho bona, empa ha le boye.

20. A boela a roma mokalli e mong, a tla ho bona, a re: Ho itswe ke morena: Na ke kgotso na? Jehu a re: O na le taba efe le kgotso? Fetela kamorao ho nna.

21. Sebohodi sa pheta sa re: O fihlile ho bona, empa ha a boye; ho kgemisa ha bona eka ho kgemisa ha Jehu, mora Nimshi, hobane o kgemisa ka bohale.

22. Ebile Jorame o re: Bofang. Ba bofa koloi ya hae. Jorame morena wa Iseraele, le Akasia morena wa Juda, ba tloha, e mong le e mong koloing ya hae, ba ya kgahlanyetsa Jehu, ba mo fihlela tshimong ya Nabothe wa Jisreele.