BIBELE e Halalelang

2 Marena 9:1-9 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Yaba moporofeta Elisha o bitsa e mong wa bara ba baporofeta, a re ho yena: Itlame letheka, o nke lenaka la ole letsohong la hao, o ye Ramothe-Gileade.

2. Etlere ha o fihla teng, o batle Jehu, mora Josafate, mora Nimshi; o ntano kena, o mo tlose hara banababo, o be o mo kenye kamoreng e kathoko.

3. Jwale o nke lenaka la ole, o mo tshele yona hloohong, o re: Ho itswe ke Jehova: Ke o tlotsitse ho ba morena wa Iseraele. O ntoo bula lemati, o balehe, o se ke wa dieha.

4. Ebile mohlankana eo wa moporofeta o ya Ramothe-Gileade.

5. Ha a fihla, a bona balaodi ba makgotla ba dutse, a re: Ke na le taba le wena, monghadi. Jehu a re: Le mang ho rona moo? A re: Le wena, monghadi.

6. Jehu a tloha, a kena ka tlung, mme moporofeta a mo tshela ka ole hloohong, a re ho yena: Ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele: Ke o tlotsitse ho ba morena wa setjhaba sa Jehova, sa Iseraele.

7. O tla timetsa ba ntlo ya Akabe, monga hao, ke tle ke phetetse ho Jesebele madi a baporofeta, bahlanka ba ka, le madi a bahlanka bohle ba Jehova.

8. Ntlo yohle ya Akabe e tla timela, ke timetse ba Akabe ba batona bohle, ba ruilweng le ba sa ruwang ba Iseraeleng.

9. Ke tla etsa ntlo ya Akabe jwalokaha ke entse ntlo ya Jeroboame, mora Nebathe, le ntlo ya Baesha, mora Akija.