BIBELE e Halalelang

2 Marena 8:5-21 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

5. Yare a sa phetela morena kamoo a neng a tsositse mofu kateng, ha hlaha mosadi eo mora hae a tsositsweng, a tla rapela morena ka baka la ntlo ya hae le la masimo a hae. Gehasi a re: Oho, morena, monga ka, ke yena enwa mosadi le mora hae, eo Elisha a mo tsositseng.

6. Morena a botsa mosadi, mme yena a mo phetela. Ebile morena o mo nea tona, a re: Eya, o busetse tsohle tsa hae ho yena le tsohle tse beilweng ke masimo a hae, haesale a tloha hae, ho fihlela la kajeno.

7. Yaba Elisha o ikela Damaseka. Ben-Hadade, morena wa Siria, o ne a kula, mme a bolellwa, ha thwe: Monna wa Modimo o tlile kwano.

8. Morena a re ho Hasaele: Nka mpho, o ye, o kgahlanyetse monna wa Modimo, o botse Jehova ka yena, o re: Ana ke tla fola lefung lena na?

9. Hasaele a ya, a mo kgahlanyetsa, a tshwere mpho eo, e le tsohle tse molemo tsa Damaseka, tse belesitsweng dikameleng tse mashome a mane; a ya, a ema pela hae, a re: Ben-Hadade, mora hao, morena wa Siria, o nthometse ho wena, a re: Ana ke tla fola lefung lena na?

10. Elisha a re ho yena: Eya, o mmolelle, o re: Ho fola o tla fola; empa Jehova o mpontshitse hobane o tla shwa ruri.

11. Monna wa Modimo a ba a mo hlaba ka mahlo, a mo tjamela halelele; a ba a lla.

12. Hasaele a re: O llelang, monga ka? A re: Ke kahobane ke tseba tse mpe tseo o tla di etsetsa bana ba Iseraele; o tla tjhesa diqhobosheane tsa bona; bahlankana ba bona o tla ba harinya ka sabole, bana ba bona o ba batanye majweng, o petsole le basadi ba bona bao e leng baimana.

13. Hasaele a re: Mohlanka wa hao keng haele moo ke le ntja feela, hore ke etse tse kalo? Elisha a re: Jehova o mpontshitse hobane o tla ba morena wa Siria.

14. Ebile o tloha ho Elisha, a ikela ho monga hae; yena a re: Elisha o itseng ho wena? A re: O mpoleletse hobane, haele ho fola, o tla fola.

15. Empa eitse ka hosasa, a tloha, a nka lesela le letenya, a le ina metsing, a mo pupetsa sefahleho ka lona; yaba o a shwa; mme Hasaele ya eba morena tulong tsa hae.

16. Ka selemo sa bohlano sa Jorame, mora Akabe, morena wa Iseraele, [Josafate e le morena wa Juda,] Jorame, mora Josafate, morena wa Juda, a qala ho busa.

17. O ne a le dilemo tse mashome a mararo a metso e mmedi, ha a qala ho busa, a busa ka dilemo tse robileng meno e le mmedi Jerusalema.

18. A tsamaya ka mehlala ya marena a Iseraele, kamoo ntlo ya Akabe e entseng kateng, hobane a ne a nyetse moradi wa Akabe; a etsa ho leng hobe mahlong a Jehova.

19. Leha ho le jwalo, Jehova ha a ka a rata ho timetsa Juda, ka baka la Davida, mohlanka wa hae, jwalokaha a ne a mmoleletse, a re, o tla mo nea lebone la kamehla hara bara ba hae.

20. Mehleng ya hae, Baedomo ba fetohela Juda, ba ipehela morena.

21. Jorame a ya Tsaire ka makoloi a hae wohle; bosiu a tsoha, a qhala Baedomo ba mo teetseng hare, le balaodi ba makoloi, ba ba ba balehela tenteng tsa bona.