BIBELE e Halalelang

2 Marena 8:15-28 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

15. Empa eitse ka hosasa, a tloha, a nka lesela le letenya, a le ina metsing, a mo pupetsa sefahleho ka lona; yaba o a shwa; mme Hasaele ya eba morena tulong tsa hae.

16. Ka selemo sa bohlano sa Jorame, mora Akabe, morena wa Iseraele, [Josafate e le morena wa Juda,] Jorame, mora Josafate, morena wa Juda, a qala ho busa.

17. O ne a le dilemo tse mashome a mararo a metso e mmedi, ha a qala ho busa, a busa ka dilemo tse robileng meno e le mmedi Jerusalema.

18. A tsamaya ka mehlala ya marena a Iseraele, kamoo ntlo ya Akabe e entseng kateng, hobane a ne a nyetse moradi wa Akabe; a etsa ho leng hobe mahlong a Jehova.

19. Leha ho le jwalo, Jehova ha a ka a rata ho timetsa Juda, ka baka la Davida, mohlanka wa hae, jwalokaha a ne a mmoleletse, a re, o tla mo nea lebone la kamehla hara bara ba hae.

20. Mehleng ya hae, Baedomo ba fetohela Juda, ba ipehela morena.

21. Jorame a ya Tsaire ka makoloi a hae wohle; bosiu a tsoha, a qhala Baedomo ba mo teetseng hare, le balaodi ba makoloi, ba ba ba balehela tenteng tsa bona.

22. Leha ho le jwalo, Baedomo ba nna ba fetohela Juda, ho fihlela kajeno; le motse wa Libna wa fetohela Juda mohlang oo.

23. Haele taba tse ding tsa Jorame, le tsohle tseo a di entseng, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Juda?

24. Jorame a orohela ho bontatae, a patwa ho bontatae motseng wa Davida, mme Akasia, mora hae, ya eba morena tulong tsa hae.

25. Ka selemo sa leshome sa Jorame, mora Akabe, morena wa Iseraele, Akasia, mora Jorame, morena wa Juda, a qala ho busa.

26. Akasia o ne a le dilemo tse mashome a mabedi a metso e mmedi, ha a qala ho busa; a busa selemo se le seng Jerusalema; lebitso la mmae e ne e le Athalia, moradi wa Omri, morena wa Iseraele.

27. A ya ka mehlala ya ba ntlo ya Akabe, a etsa tse leng mpe mahlong a Jehova, jwaloka ntlo ya Akabe, hobane a ne a nyallane le ba ntlo ya Akabe.

28. Mohlomong, ba ya Ramothe-Gileade le Jorame, mora Akabe, ho lwantsha Hasaele, morena wa Siria; empa Basiria ba hlaba Jorame.