BIBELE e Halalelang

2 Marena 8:1-10 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Elisha a ntoo bolella mosadi eo a pholositseng mora hae, a re: Tloha, o ikele le ba ntlo ya hao, o ye ho jaka moo o ka jakang teng; hobane Jehova o laelitse tlala, mme e fela e tla wa lefatsheng ka dilemo tse supileng.

2. Mosadi a tloha, a etsa ka polelo ya monna wa Modimo, a ikela le ba ntlo ya hae, a jaka naheng ya Bafilesta ka dilemo tse supileng.

3. Ha dilemo tse supileng di fetile, mosadi eo a kgutla naheng ya Bafilesta, a ya rapela morena ka baka la ntlo ya hae le la masimo a hae.

4. Morena o ne a buisana le Gehasi, mohlanka wa monna wa Modimo, a re ho yena: Ako mphetele tsohle tse kgolo tse entsweng ke Elisha.

5. Yare a sa phetela morena kamoo a neng a tsositse mofu kateng, ha hlaha mosadi eo mora hae a tsositsweng, a tla rapela morena ka baka la ntlo ya hae le la masimo a hae. Gehasi a re: Oho, morena, monga ka, ke yena enwa mosadi le mora hae, eo Elisha a mo tsositseng.

6. Morena a botsa mosadi, mme yena a mo phetela. Ebile morena o mo nea tona, a re: Eya, o busetse tsohle tsa hae ho yena le tsohle tse beilweng ke masimo a hae, haesale a tloha hae, ho fihlela la kajeno.

7. Yaba Elisha o ikela Damaseka. Ben-Hadade, morena wa Siria, o ne a kula, mme a bolellwa, ha thwe: Monna wa Modimo o tlile kwano.

8. Morena a re ho Hasaele: Nka mpho, o ye, o kgahlanyetse monna wa Modimo, o botse Jehova ka yena, o re: Ana ke tla fola lefung lena na?

9. Hasaele a ya, a mo kgahlanyetsa, a tshwere mpho eo, e le tsohle tse molemo tsa Damaseka, tse belesitsweng dikameleng tse mashome a mane; a ya, a ema pela hae, a re: Ben-Hadade, mora hao, morena wa Siria, o nthometse ho wena, a re: Ana ke tla fola lefung lena na?

10. Elisha a re ho yena: Eya, o mmolelle, o re: Ho fola o tla fola; empa Jehova o mpontshitse hobane o tla shwa ruri.