BIBELE e Halalelang

2 Marena 7:8-17 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

8. Balepera bao ha ba fihla qalong ya diahelo, ba kena tenteng e nngwe, ba eja, ba enwa, ba nka teng silefera le kgauta le diaparo, ba ya di pata; ba boya, ba kena tenteng e nngwe, ba nka tsa teng, ba ya di pata.

9. Yaba ba bolellana, ba re: Ha re etse hantle; letsatsi lena ke tsatsi la thabo, re mpa re kgutsitse; ha re dieha e ba e eba hosasa, kotlo e nngwe e tla re hlahela; ha re tloheng hle, re ye, re tsebise ba ntlo ya morena.

10. Ba ya, ba memetsa balebedi ba kgoro ya motse, ba re: Re be re ile diahelong tsa Basiria; ra fumana ho se motho teng, ho se lentswe la motho, empa e le dipere tse holehilweng, le diesele tse holehilweng, le ditente jwalokaha di be di dutse.

11. Balebedi ba bitsa, mme ba tsebisa ba ka tlung ya morena.

12. Yaba morena o tsoha hara bosiu, a re ho bahlanka ba hae: Ha nke ke le tsebise seo Basiria ba re etseditseng sona; ba tsebile hobane re na le tlala; jwale ba tswile diahelong ho ya ipata naheng, ka ho re: Ha ba tswa motseng, re tla ba tshwara ba sa phela, re ntoo kena motseng.

13. E mong wa bahlanka ba hae a mo fetola, a re: Ho nkwe pere tse hlano ho tse setseng, tse siilweng motseng, leha di fokotse jwaloka bongata bohle jwa Baiseraele ba setseng motseng; di fokotse jwaloka bongata jwa Baiseraele ba timelang. A re romeleng, re tle re bone.

14. Ebile ba nka makoloi a mabedi le dipere tsa wona, mme morena a romela ho latela makgotla a Basiria, a re: Eyang, le bone.

15. Ba ya, ba ba latela ho ya fihla Jordane, ba bona tsela yohle e tletse diaparo le mesebetsi eo Basiria ba neng ba e lahlile ke ho potlaka. Mme manqosa a kgutla, a tsebisa morena.

16. Setjhaba sa tswa, sa phahla diahelo tsa Basiria. Ya eba moo tekanyo e le nngwe ya phofo e ntle e rekang shekele e le nngwe, le tekanyo tse pedi tsa harese di rekang shekele, jwalokaha Jehova a ne a boletse.

17. Morena a bea tona ya hae, eo a ikokotlelang ka letsoho la yona, ho lebela kgoro; empa setjhaba sa mo hatakela kgorong a shwa ka polelo eo monna wa Modimo a neng a e boletse, mohla morena a theohetseng ka ha hae.