BIBELE e Halalelang

2 Marena 7:11-20 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

11. Balebedi ba bitsa, mme ba tsebisa ba ka tlung ya morena.

12. Yaba morena o tsoha hara bosiu, a re ho bahlanka ba hae: Ha nke ke le tsebise seo Basiria ba re etseditseng sona; ba tsebile hobane re na le tlala; jwale ba tswile diahelong ho ya ipata naheng, ka ho re: Ha ba tswa motseng, re tla ba tshwara ba sa phela, re ntoo kena motseng.

13. E mong wa bahlanka ba hae a mo fetola, a re: Ho nkwe pere tse hlano ho tse setseng, tse siilweng motseng, leha di fokotse jwaloka bongata bohle jwa Baiseraele ba setseng motseng; di fokotse jwaloka bongata jwa Baiseraele ba timelang. A re romeleng, re tle re bone.

14. Ebile ba nka makoloi a mabedi le dipere tsa wona, mme morena a romela ho latela makgotla a Basiria, a re: Eyang, le bone.

15. Ba ya, ba ba latela ho ya fihla Jordane, ba bona tsela yohle e tletse diaparo le mesebetsi eo Basiria ba neng ba e lahlile ke ho potlaka. Mme manqosa a kgutla, a tsebisa morena.

16. Setjhaba sa tswa, sa phahla diahelo tsa Basiria. Ya eba moo tekanyo e le nngwe ya phofo e ntle e rekang shekele e le nngwe, le tekanyo tse pedi tsa harese di rekang shekele, jwalokaha Jehova a ne a boletse.

17. Morena a bea tona ya hae, eo a ikokotlelang ka letsoho la yona, ho lebela kgoro; empa setjhaba sa mo hatakela kgorong a shwa ka polelo eo monna wa Modimo a neng a e boletse, mohla morena a theohetseng ka ha hae.

18. Monna wa Modimo o ne a boleletse morena, a re: Hosasane, ha ho le jwalo, tekanyo tse pedi tsa harese di tla reka shekele, le tekanyo ya phofo e ntle e tla reka shekele kgorong ya Samaria.

19. Tona eo e ne e fetotse monna wa Modimo, ya re: Le hoja Jehova a ka phunya masoba lehodimong, taba e jwalo na e ne e ka etsahala na? Elisha a re: Bona, o tla bona ka mahlo a hao, empa o ke ke wa ja tsa teng.

20. Ha fela ha eba jwalo ho yena, hobane setjhaba sa mo hatakela kgorong, a shwa.