BIBELE e Halalelang

2 Marena 6:24-31 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

24. Kamora tseo, Ben-Hadade, Morena wa Syria, a phutha makgotla wohle a hae, a futuha, a ya thibella Samaria.

25. Tlala e kgolo ya wela Samaria, hobane Basiria ba ne ba thibeletse haholo, hlooho ya esele ya ba ya rekwa ka shekele tse mashome a robileng meno e le mmedi tsa silefera, le karolo ya bone ya kabe ya merokolo ya maeba ya rekwa ka shekele tse hlano tsa silefera.

26. Morena wa Iseraele, ha a tsamaya hodima lerako, mosadi a howeletsa ho yena, a re: Mpholose, morena, monga ka.

27. A re: Ha Jehova a sa o pholose, nna ke tla o pholosa jwang? Na ekaba ke ka se tswang seotlong, kapa sehatelong na?

28. Morena a eketsa, a re: O tsietswa keng? Mosadi a re: Mosadi enwa o itse ho nna: Ntsha mora hao, re mo je kajeno; moraka re tla mo ja hosasane.

29. Re apehile moraka, re mo jele; jwale, ke itse ho yena ka le leng: Ntsha mora hao, re mo je; empa o patile mora hae.

30. Morena ha a utlwa taba tsa mosadi, a hahola diaparo tsa hae, a tsamaela pele hodima lerako; mme ha batho ba tadima, ba bona a apere lesela le mahwashe mmeleng wa hae kahare.

31. A re: Modimo o nketse ka hore le ka hore, ha hlooho ya Elisha, mora Shafathe, e sa dula hodima hae kajeno!