13. Yaba o re: Eyang, le bone moo a leng teng, ke tle ke romele ho ya mo tshwara. Mme a tsebiswa, ha thwe: o Dothane.
14. Yaba o romela dipere teng, le makoloi, le lekgotla le leholo; ba tsamaya le bosiu, ba ya teela motse hare.
15. Mohlanka wa monna wa Modimo, ha a tsoha e sa le hosasa, a tswela ntle, a bona lekgotla le teetseng motse hare, le dipere, le makoloi. Mohlanka wa Elisha a re ho yena: Jo! monga ka, re tla etsa jwang?
16. Eo a re: Se tshabe, hobane ba nang le rona ba feta ba nang le bona ka bongata.
17. Yaba Elisha o rapela, a re: Jehova, tutubolla mahlo a hae hle, a tle a bone. Jehova a tutubolla mahlo a mohlanka, mme a bona thaba e tletse dipere le makoloi a mollo, a teetse Elisha hare ka nqa tsohle.
18. Basiria ha ba etla ho yena, Elisha a rapela Jehova, a re: Otla setjhaba sena ka bofufu hle. A ba otla ka bofufu, ka polelo ya Elisha.
19. Elisha a re ho bona: Ena hase tsela; hape hase wona motse; tloong le nna, ke tle ke le ise ho monna eo le mmatlang. Mme a ba isa Samaria.
20. Yare ha ba kene Samaria, Elisha a re: Jehova, tutubolla mahlo a bona, ba tle ba bone. Jehova a tutubolla mahlo a bona, mme ba bona ba se ba le hare ho Samaria.