BIBELE e Halalelang

2 Marena 6:1-6 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Bara ba baporofeta ba re ho Elisha: Bona, nqala eo, eo re ahileng ho yona pela hao e nyenyane.

2. Re dumelle ho ya Jordane, re nke teng e mong le e mong sefate, mme moo re ikgahele ntlo eo re ka dulang ho yona. A re: Eyang.

3. E mong wa bona a re: Ako ye hle le bahlanka ba hao.

4. A re: Ke tla ya. Yaba o ya le bona. Ha ba fihla Jordane, ba rema difate.

5. Yare ha e mong wa bona a diha sefate, tshepe ya selepe sa hae ya wela metsing; a meketsa, a re: Jo! monga ka, etswe se be se adimilwe!

6. Monna wa Modimo a re: Se wetse kae? Yare hobane eo a mo supise, Elisha a rema thupa, a e akgela hona teng, a phahamisa selepe.