BIBELE e Halalelang

2 Marena 6:1-10 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Bara ba baporofeta ba re ho Elisha: Bona, nqala eo, eo re ahileng ho yona pela hao e nyenyane.

2. Re dumelle ho ya Jordane, re nke teng e mong le e mong sefate, mme moo re ikgahele ntlo eo re ka dulang ho yona. A re: Eyang.

3. E mong wa bona a re: Ako ye hle le bahlanka ba hao.

4. A re: Ke tla ya. Yaba o ya le bona. Ha ba fihla Jordane, ba rema difate.

5. Yare ha e mong wa bona a diha sefate, tshepe ya selepe sa hae ya wela metsing; a meketsa, a re: Jo! monga ka, etswe se be se adimilwe!

6. Monna wa Modimo a re: Se wetse kae? Yare hobane eo a mo supise, Elisha a rema thupa, a e akgela hona teng, a phahamisa selepe.

7. Yaba o re: Se inole. A otlolla letsoho, a se inola.

8. Morena wa Siria o ne a lwana le Baiseraele. A etsa morero le bahlanka ba hae, a re: Makgotla a ka a tla ya emisa bakeng se itseng.

9. Monna wa Modimo a romela ho morena wa Iseraele, a re: Bona hore o se ke wa feta bakeng se itseng; hobane Basiria ba ya theohela teng.

10. Morena wa Iseraele a romela bakeng seo a se boleletsweng ke monna wa Modimo, seo a se supisitsweng hore a se tshabe. Mme hoo ha hlaha e seng hang, leha e le habedi.