BIBELE e Halalelang

2 Marena 5:24-27 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

24. Ha ba fihla leralleng, a di nka matsohong a bona, a di pata ka tlung, a ntoo kgutlisa banna bao, ba itsamaela.

25. Haele yena, a ya itlhahisa pela monga hae. Elisha a re ho yena: O tswa kae, Gehasi? A re: Mohlanka wa hao ha a tswe taotao.

26. Elisha a re ho yena: Ana pelo ya ka e ne e se teng, ha monna elwa a kgutla koloing ya hae, a o kgahlanyetsa na? Na ke nako ya ho nka ditjhelete, le ya ho nka diaparo, le mehlwaa re, le merara, le dinku, le dikgomo, le bahlanka ba batona le ba batshehadi na?

27. Ka baka leo, lepera la Naamane le tla o kgomarela, wena le ditloholo tsa hao kamehla. Yaba o tswa pela hae, e le molepera, a sweufetse a ka lehlwa.