BIBELE e Halalelang

2 Marena 5:2-10 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

2. Mohlomong, Basiria ba ne ba futuhile ka dihlopha, ba ne ba thopile morwetsanyana naheng ya Iseraele; ya eba lekgabunyane la mosadi wa Naamane.

3. Eo a re ho mofumahadi wa hae: Hoja monga ka a ka itlhahisa ho moporofeta ya leng Samaria, o ba a ka mo fodisa lepera la hae.

4. Yaba Naamane o ya tsebisa monga hae, a re: Morwetsana wa fatshe la Iseraele o buile ka hore le hore.

5. Morena wa Siria a re: Tloha, o tsamaye, ke o rome ka lengolo ho morena wa Iseraele. Yaba o tloha, a nkile ditalenta tse leshome tsa silefera, le ditjhelete tse dikete tse tsheletseng tsa kgauta, le diaparo tse leshome tsa mokete.

6. A tlisetsa morena wa Iseraele lengolo le reng: Etlare ha lengolo lena le fihla ho wena, o tle o tsebe hobane ke rometse Naamane, mohlanka wa ka, ho wena hore o mo fodise lepera la hae.

7. Eitse hobane morena wa Iseraele a bale lengolo leo, a hahola diaparo tsa hae, a re: Na ke nna Modimo, nka tsebang ho bolaya le ho pholosa, ha eo a rometse ho nna hore ke fodise motho lepera la hae na? Le tsebe kahoo, mme le bone hobane o batla lebaka la phapang le nna.

8. Eitse Elisha, monna wa Modimo, ha a utlwa hobane morena wa Iseraele o hahotse diaparo tsa hae, a romela ho morena, a re: O haholetseng diaparo tsa hao? A ke a tle ho nna; o tla tseba hobane moporofeta o teng Iseraeleng.

9. Naamane a ya ka pere tsa hae le ka koloi ya hae, a ema monyako wa ntlo ya Elisha.

10. Elisha a mo romela lenqosa, a re: Eya o itlhatswe hasupa Jordane, mme nama ya hao e tla boela ho wena e ntjhafetse, o hlweke.