BIBELE e Halalelang

2 Marena 5:17-25 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

17. Yaba Naamane o re: Ha ho le jwalo, o dumelle mohlanka wa hao a newe shoba tsa mobu o lekanang diesele tse pedi. Hobane mohlanka wa hao ha a sa tla etsetsa modimo osele setjheso, leha e le sehlabelo, haese Jehova feela.

18. Taba ke ena: Ha monga ka a kena ka tlung ya Rimmone, ho kgumama teng, mme a ikokotlela ka letsoho la ka, Jehova a ntshwarele nna, ke leng mohlanka wa hao, ha ke kgumama le nna tlung ya Rimmone; ke re, ha ke kgumama tlung ya Rimmone, Jehova a ntshwarele taba ena.

19. Elisha a re ho yena: Eya ka kgotso.A mo tlohela jwalo, a tsamaya sebakanyana.

20. Empa Gehasi, mohlanka wa Elisha, monna wa Modimo, a re: Bona, monga ka o hauhetse Naamane, Mosiria eo, kamoo a sa kang a nka letsohong la hae kateng, seo a se tlisitseng; ka Jehova ya utlwang, ke tla mo phallela, ke nke ho hong ho yena.

21. Ebile Gehasi o phallela Naamane. Naamane ha a mmona a mo phalletse, a tlola koloing, a mo kgahlanyetsa, a re: Na ho dutswe hantle?

22. A re: Ho dutswe hantle. Monga ka o nthomile, a re: Bona, bahlankana ba babedi ba thaba ya Efraime, ba bara ba baporofeta, ba tswa fihla ho nna hona jwale; ako ba nee talenta e nngwe ya silefera le diaparo tse pedi tsa mokete.

23. Naamane a re: Dumela ho nka talenta tse pedi. A mo phehella, a phuthela talenta tse pedi tsa silefera mekotleng e mmedi, a mo nea le diaparo tse pedi tsa mokete, a di jarisa bahlankana ba hae ba babedi; ba di jara pela Gehasi.

24. Ha ba fihla leralleng, a di nka matsohong a bona, a di pata ka tlung, a ntoo kgutlisa banna bao, ba itsamaela.

25. Haele yena, a ya itlhahisa pela monga hae. Elisha a re ho yena: O tswa kae, Gehasi? A re: Mohlanka wa hao ha a tswe taotao.