BIBELE e Halalelang

2 Marena 5:15-26 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

15. A kgutlela ho monna wa Modimo, a ena le sehlopha sa hae kaofela, a tla, a ema pela hae, a re: Bona, ke a tseba hobane ha ho Modimo lefatsheng lohle, haese Iseraeleng; jwale ke re, o amohele teboho ya mohlanka wa hao.

16. Elisha a re: Ka Jehova ya utlwang, eo ke emeng pela hae, nke ke ka e amohela. Naamane a mo phehella hore a e amohele, a mpa a ikganela.

17. Yaba Naamane o re: Ha ho le jwalo, o dumelle mohlanka wa hao a newe shoba tsa mobu o lekanang diesele tse pedi. Hobane mohlanka wa hao ha a sa tla etsetsa modimo osele setjheso, leha e le sehlabelo, haese Jehova feela.

18. Taba ke ena: Ha monga ka a kena ka tlung ya Rimmone, ho kgumama teng, mme a ikokotlela ka letsoho la ka, Jehova a ntshwarele nna, ke leng mohlanka wa hao, ha ke kgumama le nna tlung ya Rimmone; ke re, ha ke kgumama tlung ya Rimmone, Jehova a ntshwarele taba ena.

19. Elisha a re ho yena: Eya ka kgotso.A mo tlohela jwalo, a tsamaya sebakanyana.

20. Empa Gehasi, mohlanka wa Elisha, monna wa Modimo, a re: Bona, monga ka o hauhetse Naamane, Mosiria eo, kamoo a sa kang a nka letsohong la hae kateng, seo a se tlisitseng; ka Jehova ya utlwang, ke tla mo phallela, ke nke ho hong ho yena.

21. Ebile Gehasi o phallela Naamane. Naamane ha a mmona a mo phalletse, a tlola koloing, a mo kgahlanyetsa, a re: Na ho dutswe hantle?

22. A re: Ho dutswe hantle. Monga ka o nthomile, a re: Bona, bahlankana ba babedi ba thaba ya Efraime, ba bara ba baporofeta, ba tswa fihla ho nna hona jwale; ako ba nee talenta e nngwe ya silefera le diaparo tse pedi tsa mokete.

23. Naamane a re: Dumela ho nka talenta tse pedi. A mo phehella, a phuthela talenta tse pedi tsa silefera mekotleng e mmedi, a mo nea le diaparo tse pedi tsa mokete, a di jarisa bahlankana ba hae ba babedi; ba di jara pela Gehasi.

24. Ha ba fihla leralleng, a di nka matsohong a bona, a di pata ka tlung, a ntoo kgutlisa banna bao, ba itsamaela.

25. Haele yena, a ya itlhahisa pela monga hae. Elisha a re ho yena: O tswa kae, Gehasi? A re: Mohlanka wa hao ha a tswe taotao.

26. Elisha a re ho yena: Ana pelo ya ka e ne e se teng, ha monna elwa a kgutla koloing ya hae, a o kgahlanyetsa na? Na ke nako ya ho nka ditjhelete, le ya ho nka diaparo, le mehlwaa re, le merara, le dinku, le dikgomo, le bahlanka ba batona le ba batshehadi na?